DIPESALEMA 6 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Thapelo ya motho ya tsietsing

1Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele, le ka seletsa se kgwele tse robedi.

2Oho, Morena,

o se ke wa nkotla o nkgalefetse,

o se ke wa nkgalemela o le bohale.

3Nkgauhele Morena,

hobane ke feletswe ke matla;

mphodise Morena,

hobane ke opelwa ke masapo,

4mme ke sarelwa haholo.

Empa wena Morena,

o tla dieha ho fihlela neng?

5Kgutla Morena, o nnamolele,

o mpholose

ka baka la mohau wa hao.

6Bafu ba ke ke ba o hopola;

ke mang ya ka o tlotlisang

Nqalong ya Bafu?

7Ke kgathetse ke ho nna ke fehelwa;

ka masiu wohle ke kolobisa diphate,

ke kolobise diphate tsa ka ka meokgo,

ke tshela mosamo wa ka

ka dikgapha.

8Mahlo a ka a motela ke maswabi,

a fifala ka baka la batubi ba ka.

9Tlohang ho nna,

lona bohle ba kgopo,

hobane Morena o utlwile sello sa ka.

10Morena o utlwile kopo ya ka,

Morena o amohetse thapelo ya ka.

11Dira tsa ka tsohle

di tla hlajwa ke dihlong,

di tshohe haholo;

di tla tjhetjha,

di hlajwe ke dihlong hanghang.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help