ESAYA 15 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Modimo o tla timetsa Moabe

1Bona ke boporofeta malebana le Moabe:

Ka bosiu bo le bong

Are e Moabe e timeditswe!

Ka bosiu bo le bong

Kire e Moabe e timeditswe!

2Batho ba Dibone

ba nyolohetse tempeleng ya bona,

ba nyolohetse ho ya llela

dibakeng tsa bona tsa borapedi;

baahi ba Moabe

ba llela Nebo le Medeba,

ba ikutile lekorana,

ba ipeotse le ditedu.

3Ba tsamaya terateng tsa motse,

ba apere tse mahwashe,

bohle ba lla

ba le hodima marulelo,

le mabaleng a motse,

ba itabanya fatshe ba ntse ba lla.

4Ba Heshebone le ba Elale

ba a howeletsa,

mantswe a bona a utlwahala hohle

ho ya fihla Jahase;

kahoo le bahlabani ba Moabe

ba a howeletsa,

bahlabani bohle ba a thothomela.

5Pelo ya ka e llela ba Moabe,

baphaphathehi ba bona

ba balehetse Soware,

ba baleha

ho ya fihla Egelate-Sheleshiya,

ba nyoloha ka tsela e yang Lohite,

ba nyolohela Lohite

ba ntse ba lla,

ba llela timelo ya bona

ba le tseleng e yang Horanaime.

6Metsi a Nimerime a pshele,

jwang bo omeletse,

dimela di fedile,

ha ho letho le letalana.

7Maruo ao

ba a sebeditseng ka thata,

ba a bokella,

ba a kakatetse

ho ya tshela

Molatswana wa Meduwane.

8Mokgosi wa bona o hoballa,

ho ya fihla meeding ya Moabe,

seboko sa bona se fihla Egelaime,

sello sa bona

se fihle le Beere-Elime.

9Metsi a Dimone

a tlerefetse ke madi,

ke hona ke sa tla tlisa koduwa,

ke e tlisetse Dimone:

Baphaphathehi ba Moabe

ba tla bolawa ke tau,

ba tla sala teng

le bona e tla ba bolaya.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help