DIPESALEMA 33 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Thoko ya Morena, mmaballi wa tsohle

1Etsetsang Morena ditlatse,

lona ba lokileng,

ho mo rorisa ho tshwanela

ba pelo di ntle.

2Bokang Morena ka harepa,

mo rokeng ka seletsa

se kgwele di leshome.

3Mmineleng sefela se setjha,

letsang ka bokgabane,

le etse mehoo ya thabo.

4Efela lentswe la Morena le lokile,

mesebetsi yohle ya hae

ke ya nnete.

5O rata ho loka le toka;

lefatshe lohle

le tletse mohau wa Morena.

6Mahodimo a entswe

ka lentswe la Morena,

le mabotho wohle a wona

ka polelo ya molomo wa hae.

7Morena a bokella metsi a lewatle

jwalokaha eka o a tshetse lekukeng,

a boloka madiba madumeleng a hae.

8Lefatshe lohle

le ke le tshabe Morena,

baahi bohle ba lona ba mo hlomphe.

9O ne a bue, mme tsa eba teng;

a laela, mme tsa hlaha.

10Morena o nyopisa merero ya ditjhaba,

o folodisa mehopolo ya merabe.

11Merero ya Morena e tiile kamehla,

mehopolo ya pelo ya hae

ke ya kamehla.

12Ho lehlohonolo setjhaba

seo Morena e leng Modimo wa sona,

morabe oo a ikgethetseng wona,

a ikgethela wona ho ba leruo la hae.

13Morena o tadima a le mahodimong,

a bone bana bohle ba batho;

14a le leahong la hae

o sheba baahi bohle ba lefatshe.

15Ke yena ya bopileng pelo tsa bona,

ya tsebang mesebetsi

yohle ya bona.

16Kgosi ha e ke a fenye,

ha e ke e fenye

ka baka la dimphihadi tsa yona,

mohale ha a ke a hlole,

ha a ke a hlole

ka baka la bonatlahadi ba hae.

17Ke lefeela ho tshepa ho pholoswa

ke pere ya ntwa,

e ke ke ya pholosa motho

ka matlahadi a yona.

18Morena o beile leihlo la hae

ho ba mo tshabang,

bona ba tshepileng mohau wa hae,

19e le hore a tle a ba lopolle lefung,

le ho ba phedisa nakong ya tlala.

20Meya ya rona e lebeletse Morena,

e leng yena thuso le thebe ya rona.

21Pelo tsa rona di a mo thabela,

re tshepile lebitso la hae le halalelang.

22Morena, mohau wa hao

o ke o be le rona,

hobane re tshepile wena.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help