DIPESALEMA 12 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Thapelo ya ho ikopela thuso

1Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka seletsa se kgwele di robedi.

2Re pholose Morena,

batshepuwa ba fedile;

botshepehi ha bo sa le yo

ho bana ba batho.

3Batho ba bolellana mashano,

maleme a bona a monate,

empa ke bo-temepedi.

4Morena a ke a fedise bohle,

bohle ba maleme a monate,

le bohle ba melomo e ikakasang,

5e leng batho ba reng:

“Re tla hlola ka maleme a rona;

re tseba ho ipuella,

ke mang ya ka re busang?”

6Morena o re:

“Ka baka la ho tujwa ha bahlophehi,

le la ho dumaela ha mafutsana,

jwale ke kena dipakeng;

ke tla ba fa pholoho

eo ba e hloretseng.”

7Dipolelo tsa Morena

ke dipolelo tse hlwekileng,

di ka silefera

e qhibidisitsweng seboping,

silefera e hlwekisitsweng hasupa.

8Ke wena Morena, ya re lebelang,

ya re sireletsang kamehla

molokong ona,

9ho ba kgopo ba tletseng hohle,

ha bosoro bo totile

hara bana ba batho.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help