1 SAMUELE 11 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Saule o hlola Baamone

1Nahashe wa Moamone a nyoloha, a hloma malebana le Jabeshe-Gileade. Banna bohle ba Jabeshe ba re ho Nahashe: “Etsa selekane le rona, mme re tla o sebeletsa.”

2Nahashe wa Moamone a re ho bona: “Ke tla etsa selekane le lona ha feela re dumellana hore ke honye leihlo la letsoho le letona la e mong le e mong wa lona, e le hore ke tle ke tlontlolle Baiseraele bohle.”

3Baholo ba Jabeshe ba re ho yena: “Ako re nee matsatsi a supileng, e le hore re ke re romele maqosa naheng yohle ya Iseraele. Haeba ho se ya re namolelang, re tla ineela ho wena.”

4Maqosa a fihla Gibea, motseng wa Saule, mme a bolela mantswe ana moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa. Setjhaba sohle sa phahamisa mantswe, sa lla.

5Bonang, Saule o ne a etswa masimong, a kganna dipholo, mme a re: “Setjhaba se jewa keng, ha se lla tjee?” Yaba setjhaba se mmolella ditaba tsa banna ba Jabeshe.

6Ha Saule a utlwa mantswe ana, Moya wa Modimo wa theohela hodima hae ka matla, mme kgalefo ya hae ya tlokoma haholo.

7Saule a nka dipholo tse pedi, a di kgaola dikotwana, a di romela hohle naheng ya Baiseraele ka maqosa, a re: “Mang kapa mang ya sa lateleng Saule, dipholo tsa hae di tla etswa tjena!” Morena a kenya setjhaba letswalo, mme sa tswa jwalokaha eka ke motho a le mong.

8Saule a ba bala ha ba le Beseke; bana ba Israele ba etsa dikete tse makgolo a mararo, mme banna ba Juda ba etsa dikete tse mashome a mararo.

9Ba re ho maqosa a tswang Jabeshe: “Le tle le re ho banna ba Jabeshe-Gileade: ‘Hosasane, ha letsatsi le le hloohong tsa mengala, le tla namolelwa.’ ” Maqosa a kgutla, a bolella banna ba Jabeshe, mme bao ba thaba.

10Banna ba Jabeshe ba re ho Nahashe: “Hosasane re tla tla ho wena, mme wena o tla re etsa sohle seo o bonang se lokile.”

11Ka la hosasane Saule a arola setjhaba dihlopha tse tharo. Setjhaba sa fihla sa ikakgela kahara diahelo tsa Baamone e sa le ka madungwadungwana. Sa bolaya Baamone ho fihlela ha tsatsi le le hloohong tsa mengala. Masalla a Baamone a phasaphasa, ha se ke ha eba le ba babedi ba balehang ba le mmoho.

12Setjhaba sa re ho Samuele: “Ke mang ya ileng a re: ‘Na Saule a ka fela a re busa?’ Tlisang banna bao re ba bolaye!”

13Empa Saule a re: “Ka letsatsi lena ha ho monna ya tla bolawa, hobane kajeno Morena o namoletse Baiseraele.”

14Yaba Samuele o re ho setjhaba: “Tloong, re yeng Gilegale, re yo phatlalatsa hape hore Saule ke kgosi.”

15Setjhaba sohle sa ya Gilegale, mme moo Morena a ntseng a bona, sa bea Saule hore e be kgosi. Sa etsetsa Morena mahlabelo a nyehelo ya teboho hona moo. Saule le banna bohle ba Iseraele ba nyakalla haholo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help