JOBO 7 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Jobo o a tsieleha

1“Bophelo ba motho

mona lefatsheng ke ntwa,

matsatsi a hae ekare a mohiruwa,

2a mohlanka ya labalabelang moriti,

a mohiruwa ya lebeletseng moputso;

3nna lefa la ka

ke kgwedi tsa ho sebeletsa lelea,

ke abetswe masiu a mokgathala.

4Kamehla ha ke robala ke a ipotsa:

‘Ekaba neng e tla ba neng ke tsohe?’

Empa siu bo bolelele, bo a tosa,

ke hlobaela jwalo

ho fihlela mafube a hlaha.

5Diboko le kgoho tsa mobu

di nkgometse,

tlalo la ka le dipekane,

le petla boladu.

6Matsatsi a ka a potlaka

sa nale ya selohi,

a be a fele

tshepo yona e nkwekwetla.

7“Modimo, hopola:

Phelo ba ka bo ka moya feela,

mahlo a ka ha a ka ke a bona

tse molemo hape.

8Ya mponang jwale,

ha a sa tla boela a mpona,

etlare ha o mpatla

ke be ke le siyo!

9Jwalokaha maru a fefoha, a nyamele,

ya theohelang Nqalong ya Bafu

a ke ke a nyoloha;

10ha a ke ke a kgutla,

a kgutlela lapeng la hae,

tulo tsa hae di sala di le feela,

a ke ke a hlola

a dula tulong tsa hae.

11Ka baka leo, nna nke ke ka kgutsa,

ke tla bua

pelo ya ka e tshwenyehile,

ke ipelaetse

pelo ya ka e ngongorehile.

12“Ebe nna ke lewatle

kapa kganyapa,

ha o mpeetse balebedi ho ntisa?

13Ha ke re: Phate tsa ka

ke tsona tse tla ntshedisa,

moalo wa ka

o nthethefatse ho komakoma,

14wena Modimo, o ntshosa ka ditoro,

ka dipono

o mpakela ho thothomela;

15kahoo ke ikgethela lefu

la ho kgangwa,

ho ena le ho phela

ke le masatswane.

16Bophelo bona ba ka bo ntenne,

nke ke ka phela kamehla yohle;

ako ntese,

matsatsi a ka ke mouwane!

17“Motho e ne leng,

ha o mo nketse hodimo hakaale,

o bile o mo hlokometse hakaale?

18Kamehla hoseng o a mo hlahloba,

kamehla motsotso ha o fete

o sa mo leke.

19O tla kgaotsa neng ho ntjamela,

o ko mphe tshweya,

ke metse mathe?

20Haeba ke sitilwe,

ke o sinyeditseng?

Wena Molebedi wa batho?

Ke ka dife

o nkentseng pakane ya hao,

hoo le nna

ke seng ke bile ke itenne?

21Ke hobaneng

ha o sa tshwarele tshito ya ka,

wa tlosa bokgopo ba ka ba fela?

Haufinyane ke tla robala lebitleng;

o tla mpatla, empa ke tla ba siyo.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help