MORUTI 5 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Se potlakele ho etsa ditshepiso

1Ha o eya ka tlung ya Modimo, hlokomela mehato ya hao. Atamela haufi, o mamele, ho ena le ho ya etsa nyehelo ya mahlabelo jwaloka dithoto tse sa tsebeng hore di etsa sebe.

2Se potlakele ho ahlamisa molomo,

pelo ya hao e se ke ya ba lehala

ho bua ho hong kapela Modimo.

Modimo o lehodimong,

wena o lefatsheng,

kahoo polelo tsa hao di se be kae.

3Jwalokaha toro

e tswalwa ke metouto,

polelo tsa sethoto

di tswalwa ke ho bua haholo.

4Ha o etsetsa Modimo kano, o se ke wa dieha ho e phethahatsa, hobane Modimo ha a kgahlwe ke dithoto. Phethahatsa seo o ikanetseng sona.

5Ho molemo ha o ke ke wa etsa kano, ho ena le hore o e etse, ebe ha o e phethahatse.

6Se dumelle leleme la hao ho o kgannela sebeng, ebe jwale o re ho moromuwa wa Modimo: “Ke entse phoso!” Eba o etsetsang hore Modimo a halefiswe ke dipolelo tsa hao, ebe o fedisa mosebetsi wa matsoho a hao?

7Ditoro tse ngata le dipolelo tse ngata ke mafeela, empa wena eka kgona o tshabe Modimo.

Maruo ha a na thuso

8Ha o bona mofutsana a hatellwa, a amohuwa toka le ditokelo tsa hae naheng ya heno, tseo di se ke tsa o makatsa, hobane mookamedi o na le ya mo okametseng, mme baokamedi le bona ba na le mookamedi e moholo.

9Se molemo ho setjhaba sohle ke kgosi e thahasellang temo.

10Ya ratang tjhelete

ha e ke be e mo lekane,

ya ratang leruo

kamehla o a le halala;

hona le hona e sa le lefeela.

11Ha leruo le ata,

bafepuwa ba a ata;

ebe le thusa monga lona ka eng,

haese ho nna a le boha kamehla?

12Mosebeletsi o robala boroko,

ebang o a lapa kapa o a kgora,

empa morui ya hafang ka nkatana

ha a bo hlothe ke maruo a hae!

13Ho na le bobe bo otlang pelo, boo ke bo boneng mona lefatsheng:

Motho o bokella leruo

le tlise bosoto,

14kapa ka bomadimabe

ebe le a senyeha,

mora hae

a qetelle a sa fumana lefa.

15Jwalokaha motho eo

a tswetswe a le feela,

o tla ya lebitleng

a ntsa le feela.

Hara tsohle

tseo a di sebeditseng,

a ke ke a nka le e nngwe

ka letsoho la hae.

16Hona le hona

ke bobe bo otlang pelo:

Motho o ikela a le feela

sa ha a tswalwa;

ebe o fumaneng

ka ho sebeletsa lelea?

17Tshiu tsa hae tsohle

o di qeta hara lefifi,

a swabile haholo,

a kula, a halefile!

18Yaba ke bona hore ho molemo, ho bile ho lokile hore ka matsatsi a seng makae a bophelo, ao Modimo a mo neileng wona, motho a je, a nwe, a ithabise ka tsohle tsa mosebetsi wa matsoho a hae mona lefatsheng, hobane hoo ke yona kabelo ya hae.

19Hape ke mpho ya Modimo ho motho ka mong eo Modimo a mo fileng leruo le matlotlo le matla hore a ithabise ka wona, mme o lokela ho amohela kabelo eo ya hae, a ithabise ka tsa mosebetsi wa matsoho a hae.

20Motho ha a ke a nahana bokgutshwanyane ba bophelo ba hae, hobane Modimo o mo phedisa ka nyakallo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help