MEETLO 9 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Arone o etsa mahlabelo

1Ka letsatsi la borobedi Moshe a bitsa Arone le bara ba hae, le baholo ba Iseraele,

2a re ho Arone: “Nka pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le pheleu ya nyehelo ya setjheso, bobedi ba tsona di hloke sepha, o di nyehelle Morena.

3Ho bana ba Iseraele o re: ‘Nkang phooko ya nyehelo e tlosang sebe, le pohwana le konyana, bobedi ba tsona di be le selemo, mme di hloke sepha, e be tsa nyehelo ya setjheso.

4Le nke le pholo le pheleu, tsa sehlabelo sa teboho, di hlabelwe Morena; le nke le nyehelo ya phofo e dubilweng ka ole, hobane kajeno Morena o tla iponahatsa ho lona.’ ”

5Ba tlisa kapele ho Tente ya Morena tseo Moshe a ba laetseng tsona. Phutheho yohle ya atamela, mme ya ema kapele ho Morena.

6Jwale Moshe a re: “Sena ke seo Morena a le laetseng ho se etsa, e le hore tlotla ya Morena e tle e bonahale ho lona.”

7Moshe a re ho Arone: “Atamela aletareng, o etse nyehelo ya hao e tlosang sebe, le nyehelo ya hao ya setjheso; o iketsetse tefelo ya sebe, o be o etsetse le setjhaba. O tlise nyehelo ya setjhaba, mme o se etsetse tefelo ya sebe, jwalokaha Morena a laetse.”

8Arone a atamela aletareng, mme a itlhabela pohwana ya nyehelo e tlosang sebe.

9Bara ba hae ba mo tlisetsa madi, mme a qopetsa monwana wa hae ka mading ao, a tlotsa manaka a aletare ka wona, mme a setseng a a qhalla motheong wa aletare.

10Mafura, le diphiyo, le phapohane, e leng tsa nyehelo e tlosang sebe, a di tjhesetsa hodima aletare, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

11Empa nama le letlalo a di tjhesetsa kantle ho diahelo.

12Arone a hlaba phoofolo ya nyehelo ya setjheso. Bara ba hae ba mo tlisetsa madi, mme ka wona a foka aletare ho e potapota.

13Ba mo tlisetsa ditho tsa nyehelo ya setjheso, le hlooho; tsena a di tjhesetsa hodima aletare.

14A hlatswa dikahare, le ditlhako, mme a di tjhesetsa hodima nyehelo ya setjheso, e hodima aletare.

15Jwale a tlisa sehlabelo sa setjheso sa setjhaba, a nka phooko ya setjheso, ya nyehelo ya setjhaba e tlosang sebe, a e hlaba, a etsa nyehelo e tlosang sebe ka yona, jwaloka ya pele.

16A tlisa nyehelo ya setjheso, mme a nyehela ka yona ho ya ka molao.

17A tlisa nyehelo ya phofo, a e ngwatha ka seatla, a e tjhesetsa hodima aletare, kathoko ho nyehelo ya setjheso seo a ileng a se etsa e sa le hosasa.

18Arone a hlaba pholo le pheleu, e le nyehelo ya setjhaba ya teboho. Bara ba Arone ba mo tlisetsa madi, mme ka wona a fika aletare ho e potapota.

19Mafura a pholo le a pheleu, mafura a mohatla, le mohlehlo, le tshotso ya diphiyo, le phapohane,

20tsena a di bea hodima difuba, mme a di tjhesetsa hodima aletare.

21Empa difuba le serope sa letsoho le letona Arone a di akgotsa pela Morena, e le nyehelo e akgotswang, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

22Jwale Arone a phahamisetsa matsoho a hae nqeng ya setjhaba, mme a se hlohonolofatsa. Hoba a etse nyehelo e tlosang sebe, le nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, a theoha.

23Moshe le Arone ba kena ka Tenteng ya Morena. Yaba ba a tswa, ba hlohonolofatsa setjhaba, mme tlotla ya Morena ya bonahala ho setjhaba sohle.

24Mollo wa tswa ho Morena, wa tjhesa nyehelo ya setjheso, le mafura a hodima aletare. Ha setjhaba sohle se bona hona, sa howa ka thabo, mme sa itihela fatshe ka difahleho.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help