DIPESALEMA 40 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Teboho ya motho ya thusitsweng ke Modimo

1Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2Ke ile ka lebella Morena

ka mamello;

a retelehela ho nna,

a mamela sello sa ka.

3A nnyolla mokoting wa timelo,

tebetebeng ya seretse,

a nkemisa hodima lefika,

a tiisa mehato ya ka.

4A etsa hore ke bine sefela se setjha,

se rorisang Modimo wa rona.

Ba bangata ha ba bona hona,

ba tla tshaba Morena, ba mo tshepe.

5Ho lehlohonolo motho ya tshepang,

ya beileng tshepo ya hae ho Morena,

ya sa kgemeng le baikakasi,

le ba kgeloswang ke mashano.

6Morena Modimo wa ka,

o re etseditse tse kgolo,

e leng mesebetsi ya hao

e makatsang,

le merero ya hao

e makatsang;

ha ho ya ka lekanngwang le wena.

Ha nka rata ho e bolela

le ho e phatlalatsa,

e mengata hoo e ke keng ya balwa.

7Ha o kgahlwe ke sehlabelo

kapa nyehelo,

o thibolotse tsebe tsa ka.

Ha o batle setjheso kapa sehlabelo

e leng tse etswang ka baka la dibe.

8Ke moo ke ileng ka re:

“Bona, ke a tla.

Ho ngotswe ka nna Bukeng ya

Molao:

9Ke thabela ho etsa thato ya hao,

Modimo wa ka.

Molao wa hao o ka pelong ya ka.”

10Ke boletse tsa ho loka ha hao,

ka di bolela phuthehong e kgolo;

wena Morena, o a tseba,

ha ke a ka ka kgutsa.

11Ha ke a ka ka pata ho loka ha hao,

ka ho pata pelong ya ka,

ke boletse botshepehi ba hao,

ka bolela le yona thuso ya hao;

ha ke a ka ka pata,

ka patela phutheho e kgolo,

ka e patela mohau le nnete ya hao.

12Morena, o se ke wa ntima

lerato la hao,

mohau wa hao le nnete ya hao

di nne di mpoloke ka mehla yohle.

13Ke aparetswe ke ditlokotsi,

tlokotsi tse ke keng tsa balwa,

melato ya ka e ntshwere,

e ntshwere

hoo ke sitwang le ho sheba,

e mengata

ho feta qoba tsa moriri wa ka,

pelo ya ka e nyahame.

14Ako kgahlwe ho nnamolela, Morena;

Morena, phakisa o nthuse.

15Ba batlang ho timetsa bophelo ba ka

ba ke ba hlajwe ke dihlong,

ba ferekane kaofela.

Ba ntakaletsang bobe

ba ke ba tjhetjhe, ba tlontlolohe.

16Ba ke ba swabe haholo

ka baka la ho tlontloloha ha bona,

bana ba reng ka nna: “Aha! Aha!”

17Bohle ba o batlang

ba ke ba nyakalle,

ba o thabele.

Ba ratang ho pholoswa ke wena,

ba nne ba re: “Morena o moholo!”

18Ha e le nna

ke mohlophehi le mofutsana,

empa Morena o a nkgopola.

Ke wena mothusi le molopolli wa ka;

Modimo wa ka, se diehe.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help