JOBO 35 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

1Elehu a bua hape, a re:

2“Na o bona ho nepahetse

ha o re:

‘Nna ke lokile ho feta Modimo?’

3O re ho yena:

‘Molemo ke ofe oo ke tla o bona?

ke tla boellwa keng

ka ho se etse sebe?’

4“Jwale nna polelo tsa hao

ke tla di araba,

le tsona tsa metswalle ya hao.

5Lelalla mahodimong o ke o bone,

tadima maru a o phahametseng.

6Ha o etsa sebe

Modimo o mo senyetsa eng?

Ha o ngatafatsa tshito tsa hao,

hoo hona ho mo etsetsa eng?

7Haeba o lokile o mo nea eng?

Kapa o amohela eng

letsohong la hao?

8Bokhopo ba hao

bo senyetsa ba jwaloka wena,

ho loka ha hao

ho thusa ba jwaloka wena.

9“Batho ba lliswa

ke ho hatellwa haholo,

ba llela ho namolelwa

kgokeng tsa ramonatla.

10Empa ha ho ya reng:

‘Modimo, Mmopi wa ka, o kae,

ya re kgothatsang ka difela bosiu,

11ya re rutang

ho fetisa phoofolo tsa naha,

ya re hlalefisang

ho fetisa nonyana tse fofang?’

12Leha ba ipiletsa,

yena ha a arabe,

ka baka la boikakaso

ba ba etsang bokgopo.

13Ruri Modimo a ke ke

a mamela mafeela,

Ya Matla wohle

a ke ke a a natsa.

14“A ka o mamela jwang,

o re ha o mmone;

o re nyewe ya hao

e kapele ho yena,

wena o so lebeletse yena feela?

15O ithetsa ka ho re

kgalefo ya hae ke mosesetso,

esita le bokgopo

Modimo ha a bo natse.

16Ka baka lena, Jobo o bua feela,

o pepeta haholo,

feela a se na tsebo.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help