DIPESALEMA 24 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Morena o kena Sione

1Pesalema ya Davida.

Lefatshe ke la Morena

le tsohle tse ho lona,

lefatshe le bohle

ba ahileng ho lona.

2Ke yena ya le theileng

hodima mawatle,

a le tiisa hodima madiba.

3Ke mang ya ka nyolohelang

thabeng ya Morena?

Ke mang ya ka emang

Sehalalelong sa hae?

4Ke ya matsoho a hlokang molato,

ya pelo e hlwekileng,

ya sa lakatseng mafeela,

ya sa hlapanyetseng leshano.

5O tla fumana lehlohonolo

ho Morena,

le ho loka ho Modimo,

mopholosi wa hae.

6O jwalo moloko

wa ba batlang Modimo,

ba ratang ho bona fahleho sa hao,

wena Modimo wa Jakobo.

7Lona menyako, bulehang!

Ipuleng, lona menyako

ya boholoholo,

ho tle ho kene Kgosi e tlotlehang.

8Kgosi eo e tlotlehang ke mang?

Ke Morena ya matla, wa mohale,

Morena eo e leng mohale ntweng.

9Lona menyako, bulehang!

Ipuleng, lona menyako

ya boholoholo,

ho tle ho kene Kgosi e tlotlehang.

10Kgosi eo e tlotlehang ke mang?

Ke Morena wa mabotho,

ke yena Kgosi e tlotlehang.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help