1Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
2Morena ako nnamolele
ho batho ba kgopo,
o ntshireletse
ho batho ba sehloho.
3Ba loha mano ka dipelong tsa bona,
ba qholotsa ntwa kamehla.
4Ba leotsa maleme a bona
a be jwaloka a dinoha,
mahloko a marabe
a tswa melomong ya bona.
5Morena, ako nnamolele,
o nnamolele diatleng tsa ba babe,
o ntshireletse ho batho ba sehloho,
ba rerang hore ke kgothometsehe.
6Baikgohomosi ba ntjhehetse sefi,
ba nketseditse leraba ka dikgwele,
ba ntjheketse mamena pela tsela.
7Ke itse ho Morena:
“Ke wena Modimo wa ka.”
Oho, Morena, sekeha tsebe,
o sekehele sello sa thapedi ya ka tsebe.
8Morena, monga ka,
mopholosi wa ka ya matla,
o sireletsa hlooho ya ka,
o e sireletsa ka nako ya ntwa.
9Morena,
se dumelle ditakatso tsa ya kgopo,
se dumelle hore di phethahale,
le hore merero ya hae e atlehe.
10Ba ntikanetseng ba se tsohe molota,
ditshokelo tsa bona
di ke di ba wele hodimo.
11Morena a ba nesetse
mashala a tukang,
a ba dihele mohohlong
oo ba ke keng ba tswa ho wona.
12Moetseletsi a se hlole a eba teng,
e eba teng lefatsheng lena,
motho ya sehloho
a futuhelwe ke bokgopo,
bo mo timetsang.
13Ke a tseba
hore Morena o tla emela
a emele nyewe ya mohlophehi,
a ahlolele le mofutsana.
14Ruri ba lokileng
ba tla boka lebitso la hao,
ba pelo di ntle
ba tla phela pontsheng ya hao.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.