DIPESALEMA 26 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Thapelo ya ya se nang molato

1Pesalema ya Davida.

Nkahlolele Morena;

metsamao ya ka ha e na kodi,

ke a o tshepa, ha ke thekesele.

2Ntlhahlobe, Morena,

o nonye maikutlo a ka,

hlahlobisisa moya wa ka

le pelo ya ka.

3Ke hopola mohau wa hao kamehla,

ke phela ho ya ka nnete ya hao.

4Ha ke ahisane le batho ba leshano,

ha ke kopane le baikaketsi.

5Ke hloile mokgatlo

wa ba etsang bobe,

nke ke ka ahisana le ba kgopo.

6Ke hlapa matsoho

ho bontsha hore ha ke na molato,

ke potapota aletare ya hao Morena,

7ke ntse ke bina sefela sa teboho,

mme ke bolela dimakatso tsa hao.

8Morena, ke rata ntlo

eo o ahileng ho yona,

e leng sebaka seo tlotla ya hao

e dulang ho sona.

9O se ke wa ntimetsa

mmoho le baetsadibe,

wa fedisa bophelo ba ka

mmoho le ba bona,

bona ba ratang ho tsholla madi,

10bao matsoho a bona

a etsang tsa bolotsana,

bao diatla tsa bona

di amohelang tjotjo.

11Ha e le nna,

metsamao ya ka ha e na kodi;

ako ntopolle, o nkgauhele.

12Maoto a ka a eme motsitseng;

Morena, ke tla o boka diphuthehong.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help