ESEKIELE 47 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Noka e kollang Tempeleng

1Yaba monna eo o nkgutlisetsa monyako wa Tempele, mme ka bona metsi a phalla, a etswa katlase ho monyako wa Tempele, a phallela botjhabela, kaha Tempele e ne e tadimile botjhabela. Metsi a ne a phalla a etswa katlasa lehlakore le ka borwa ho monyako wa Tempele, ka borwa ho aletare.

2Jwale a nntsha ka kgoro e ka leboya, a mpotisa kantle ho ya fihla kgorong e kantle, e tadimileng botjhabela, mme metsi a ne a phalla, a etswa ka lehlakoreng le ka borwa.

3Monna eo a leba botjhabela, ka letsohong la hae a tshwere kgwele e methang. Yaba o metha dimethara tse makgolo a mahlano, a nto ntshedisa metsing a neng a fihla maqaqailaneng.

4A boela a metha dimethara tse makgolo a mahlano, a ntshedisa metsing a neng a se a fihla mangweleng. A metha hape dimethara tse makgolo a mahlano, a ntshedisa metsing a neng a se a fihla thekeng.

5A boela a metha dimethara tse makgolo a mahlano. Jwale e ne e se e le noka eo motho a ke keng a e tshela, hobane metsi a ne a se a kokomohile, a le mangata hoo motho a ka sesang kahara wona, e se e le noka eo motho a ke keng a e tshela.

6Yaba o re ho nna: “Wena ngwana motho, na tsee o a di bona?”

Jwale a nkgutlisetsa lebopong la noka.

7Ha ke fihla lebopong moo, ka bona difate tse ngata, tse metseng mabopong a noka.

8Yaba o re ho nna: “Metsi ana a phallela botjhabela, a theohele kgohlong ya Jorodane, a yo kena Lewatleng la Letswai. Hoba a kene lewatle, a hlapolla letswai, ebe metsi a lewatle a a hlweka.

9“Hohle moo noka a phallelang teng ho tla phela dibopuwa ka mefuta yohle ya tsona. Ho tla ba le boiyane ba ditlhapi, hobane metsi ao a phallelang lewatle a hlapolla letswai, ebe metsi a lewatle a a hlweka. Kahoo hohle moo metsi a phallelang teng, dibopuwa tsohle di tla phela.

10Batshwasi ba ditlhapi ba tla ema lebopong la lewatle ho tloha Ene-Gedi ho ya fihla Ene-Egelaime. Ho tla ba le moo ba anehang matlowa teng. Ditlhapi tsa teng e tla ba tsa mefuta yohle, tse tshwanang le tsa Lewatle le Leholo.

11Empa metsi a mekgwabo le a mehlaka a ke ke a hlapoloha, a tla nne a be letswai.

12Difate tsa mefuta yohle tsa ditholwana di tla mela mabopong a noka. Mahlaku a tsona a ke ke a pona, di tla beha ditholwana kamehla. Di tla beha ka kgwedi e nngwe le e nngwe, hobane di nwesetswa ke metsi a tswang Sehalalelong. Ditholwana tsa tsona di tla jewa, mahlaku a tsona a phekole.”

Meedi ya naha

13Morena Modimo o bua tjena: “Ena ke meedi eo ka yona le tla arolela merabe e leshome le metso e mmedi ya Iseraele naha, hore e be lefa. Josefa yena o tla abelwa dikarolo tse pedi.

14Le e arolelane ka ho lekana. Naha ena e tla ba lefa la lona, hobane ke ne ke hlapanyetse baholoholo ba lona hore ke tla ba nea yona.

15“Meedi ya naha e tla ba tjena: Ka leboya moedi o tla tloha Lewatleng le Leholo, o ikgohle ka tsela e yang Hetelone, o fete le lekgalong la Hamate, o yo fihla Sedade;

16o tlohe Berota le Siberaime, pakeng tsa Damaseka le Hamate, o yo fihla Hasere-Hatekone, e moeding wa Haurane.

17Kahoo moedi o tla tloha lewatle o yo fihla Hasere-Enane, moeding o ka leboya ho Damaseka le Hamate. Ona e tla ba wona moedi o ka leboya.

18“Ka botjhabela moedi o tla tloha pakeng tsa Haurane le Damaseka, o ikgohle ka Jorodane, pakeng tsa Gileade le naha ya Iseraele, o yo fihla lewatleng le ka botjhabela, o fihle le Tamare. Ona e tla ba wona moedi o ka botjhabela.

19“Ka borwa moedi o tla tloha Tamare o yo fihla metsing a Meriba-Kadeshe, o ikgohle ka naha ya Egepeta, o yo fihla Lewatleng le Leholo. Ona e tla ba wona moedi o ka borwa.

20“Ka bophirimela Lewatle le Leholo e tla ba lona moedi ho ya fihla lekgalong la Hamate. Ona e tla ba wona moedi o ka bophirimela.

21“Le tla arolelana naha ena jwalo, ho ya ka merabe ya Iseraele.

22Le e arolelane e le lefa la lona, le la baditjhaba ba ahileng hara lona, bao bana ba bona ba tswaletsweng naheng ena. Le ba tadime e le matswallwa a naha ya Iseraele, mme le ba abele lefa mmoho le ba merabe ya Iseraele.

23Le abele moditjhaba lefa morabeng ofe kapa ofe oo a ahileng hara wona,” ho rialo Morena Modimo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help