MAREKA 2 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Jesu o fodisa motho ya shweleng ditho(Mat. 9:1-8; Luka 5:17-26)

1Hoba Jesu a kgutlele Kaperenauma kamora matsatsinyana, ha utlwahala hore o teng hae.

2Ha bokana batho ba bangata, hoo ho ileng ha hlokahala sebaka sa ho ema, leha e le monyako feela, mme a ba ruta lentswe.

3Ba mo tlisetsa motho ya shweleng ditho, a nkilwe ke banna ba bane,

4mme kaha ba ne ba sitwa ho mo tlisa pela hae ka baka la letshwele, ba phunya marulelo a ntlo malebana le moo Jesu a neng a le teng. Ha ba se ba a phuntse, ba lepeletsa diphate tseo motho ya shweleng ditho a robetseng ho tsona.

5Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, o tshwaretswe dibe tsa hao.”

6Ho ne ho ena le Ditsebi tsa Molao tse neng di dutse moo, mme tsa ipotsa, tsa re:

7“Ke ka baka lang motho eo a buang tjee? O a nyefola! Ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo feela?”

8Hanghang Jesu ha a tseba ka moyeng wa hae hore ba ipotsa jwalo, a re ho bona: “Ke ka baka lang le ipotsang tjee?

9Ho bonolo ke hofe, ho re ho ya shweleng ditho: ‘O tshwaretswe dibe tsa hao,’ kapa ho re: ‘Tsoha, o nke diphate tsa hao, o tsamaye?’

10Jwale hore le tle le tsebe hore Mora Motho o na le matla a ho tshwarela dibe lefatsheng,” a re ho ya shweleng ditho,

11“ke re ho wena: Tsoha, o nke diphate tsa hao, mme o ye hae.”

12Hanghang a tsoha, a nka diphate tsa hae, a tswa, bohle ba mo tadimile, hoo ba ileng ba hlollwa haholo, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Ha re eso bone ntho e tjena!”

Jesu o bitsa Levi(Mat. 9:9-13; Luka 5:27-32)

13Jesu a boela a ya lebopong la letsha; letshwele lohle la tla ho yena, mme a le ruta.

14Yare ha a feta a bona Levi, mora wa Alefiose, a dutse tlung ya lekgetho, mme a re ho yena: “Ntatele!” A ema, mme a mo latela.

15Ha a le dijong ha Levi, balekgetho le baetsadibe ba bangata ba ne ba mo latetse.

16Ditsebi tsa Molao, tseo e neng e le Bafarisi, ha di bona hore o ja le baetsadibe le balekgetho, tsa re ho barutuwa ba hae: “Ke ka baka lang ha a eja le balekgetho le baetsadibe?”

17Jesu ha a utlwa, a re ho tsona: “Ba hlokang ngaka ke ba kulang, e seng ba phelang hantle. Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.”

Potso ka tsa ho itima dijo(Mat. 9:14-17; Luka 5:33-39)

18Barutuwa ba Johanne le Bafarisi ba ne ba itima dijo. Batho ba tla, mme ba re ho Jesu: “Ke ka baka lang ha barutuwa ba Johanne le ba Bafarisi ba itima dijo, empa barutuwa ba hao ba sa itime?”

19Jesu a re ho bona: “Na baetsana ba ka itima dijo ha monyadi a ntse a ena le bona? Ha monyadi a ntse a ena le bona ba ke ke ba itima dijo.

20Ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, mme mohlang oo ba tla itima dijo.

21“Ha ho motho ya rokellang setsiba sa lesela le letjha seaparong sa kgale; esere setsiba se setjha sa nathola seaparo sa kgale, mme sa eketsa ho taboha.

22Ha ho motho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale; esere veine ya phatlola makuka, mme veine le makuka tsa senyeha. Empa veine e ntjha e tshwelwa makukeng a matjha!”

Barutuwa ba kga matshohlo ka Sabatha(Mat. 12:1-8; Luka 6:1-5)

23Ka letsatsi le leng la Sabatha Jesu a feta hara masimo a koro, mme barutuwa ba hae ba qala ho kga matshohlo ha ba ntse ba tsamaya.

24Bafarisi ba re ho yena: “Bona, ke ka baka lang ha ba etsa se sa dumellwang ka letsatsi la Sabatha?”

25A re ho bona: “Na ha le eso ka le bala seo Davida a neng a se etse, mmoho le bao a neng a ena le bona, ha ba lapile, mme ba hloka se jewang;

26kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mehleng ya Moprista e Moholo Abiatare, a ja bohobe bo halalelang e leng boo a neng a sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela, a ba a fa le bao a neng a ena le bona?”

27A re ho bona: “Sabatha se entswe ka baka la motho, e seng motho ka baka la Sabatha.

28Ka baka leo, Mora Motho ke Morena, esita le wa Sabatha.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help