1 JOHANNE 1 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Lentswe la bophelo

1Re le ngolla tsa Lentswe la bophelo, le bileng teng ho tloha tshimolohong, leo re ileng ra le utlwa, ra le bona ka mahlo a rona, ra le boha, ra ba ra le ama ka matsoho a rona.

2Bophelo boo bo ile ba iponahatsa, mme ra bo bona. Kahona re a bo paka, mme re le bolella tsa bophelo bo sa feleng, bo neng bo le ho Ntate, mme bo iponahaditseng ho rona.

3Seo re ileng ra se bona, le seo re ileng ra se utlwa, re le bolella sona, e le hore le lona le tle le phedisane le rona, mme ho phedisana ha rona le lona ke ho phedisana le Ntate le Mora wa hae, Jesu Kreste.

4Re le ngolla tsena hore le tle le thabe, mme thabo ya lona e be e tletseng.

Modimo ke lesedi

5Molaetsa oo le ileng la o utlwa ho Mora wa hae, oo re le bolellang wona, ke ona: Modimo ke lesedi, mme ho yena lefifi ha le yo ho hang.

6Haeba re re re phedisana le yena, empa re phela lefifing, re leshano, mme ha re phethe tsa nnete.

7Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle.

8Haeba re re ha re na sebe, re a ithetsa, mme nnete ha e yo ho rona.

9Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o tla re tshwarela tsona, mme a re hlwekise bokgopo bohle, kaha o a tshepahala, mme o lokile.

10Haeba re re ha re eso etse sebe, re re o leshano, mme lentswe la hae ha le yo ho rona.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help