DIPESALEMA 2 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Motlotsuwa wa Modimo

1Moferefere ke wa eng hara ditjhaba?

Matjhaba a rerelang

ntho tsa mafeela?

2Dikgosi tsa lefatshe

di eme ka maoto;

babusi, ba le mmoho,

ba rera Morena

le Motlotsuwa wa hae, ba re:

3“A re itokolleng ditlamong tsa bona,

re lahleng joko ya bona.”

4Ya dutseng teroneng, lehodimong,

o a ba tsheha,

Morena o a ba soma.

5Jwale o bua le bona ka kgalefo,

ka bohale ba hae o a ba tshosa, o re:

6“Thabeng ya ka e halalelang,

thabeng ya Sione,

nna ke beile kgosi ya ka.”

7Yona e re: “A nke ke phatlalatse

taelo ya Morena.

“O itse ho nna: ‘O mora wa ka;

kajeno ke o tswetse.

8Nkope, ke tla o nea ditjhaba

e be lefa la hao,

le lefatshe ka bophara ba lona

e be leruo la hao.

9O tla di busa ka lere la tshepe,

o di pshatle

jwaloka nkgo ya letsopa.’ ”

10Jwale he, halefang, lona dikgosi;

eletsehang, lona babusi ba lefatshe.

11Sebeletsang Morena ka tshabo,

le itihele maotong a hae

ka thothomelo.

12Ho seng jwalo o tla halefa,

mme le timelle tseleng ya lona,

hobane kgalefo ya hae

e phakisa ho tuka.

Ho lehlohonolo bohle

ba tshabelang ho yena.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help