1Haleluja!
Lona bahlanka ba Morena,
mo roriseng,
le rorise lebitso la Morena.
2Ho bokwe lebitso la Morena,
ho tloha jwale le kamehla yohle.
3Ho tloha botjhabela
ho isa bophirimela,
ho roriswe lebitso la Morena.
4Morena o phahametse tjhaba tsohle,
tlotla ya hae
e okametse mahodimo.
5Ke mang ya kang Morena,
Morena Modimo wa rona,
ya dutseng teroneng,
teroneng e hodimodimo,
6empa a ikokobeletsa ho tadima
mahodimo le lefatshe?
7O tsosa mofutsana leroleng,
a phahamise mohloki thotobolong;
8a mo dudise le mahosana,
le mahosana a setjhaba sa habo.
9O fa nyopa lelapa,
a e etse mma bana ya thabileng.
Haleluja!
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.