DIPESALEMA 84 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Ho hlolohela ntlo ya Modimo

1Pesalema ya bara ba Kora. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka setolotolo.

2Meaho ya hao e rateha hakaakang,

wena Morena wa mabotho!

3Moya wa ka o motela ke ho hlolohela

mabala a ntlo ya Morena;

pelo ya ka le mmele wa ka

di etsetsa Modimo ya phelang ditlatse.

4Esitana le serobele

se iphumanela leaho,

le lefokotsane le iphumanela sehlaha,

moo le beang madinyane a lona teng,

haufi le dialetare tsa hao,

wena, Morena wa mabotho,

kgosi ya ka, le Modimo wa ka.

5Ho lehlohonolo

ba phelang tlung ya hao,

ba sa kgaotseng ho o rorisa.

6Ho lehlohonolo

batho bao wena o leng matla a bona,

ba thabelang maeto a ho ya rapela.

7Ha ba feta kgohlong e omeletseng,

e fetoha didiba;

le yona pula ya selemo

e e apesa ka mahlohonolo.

8Ba ntse ba matlafala ho ya pele,

ha ba itlhahisa ho Modimo, Sione.

9Oho, Morena Modimo wa mabotho,

ako utlwe thapelo ya ka,

o ntshekehele tsebe,

Modimo wa Jakobo.

10Modimo, wena thebe ya rona,

ako tadime, o bone sefahleho,

fahleho sa motlotsuwa wa hao.

11Letsatsi le le leng

le hlolwang mabaleng a hao,

le molemo ho feta a sekete

a hlolwang hosele.

Ke rata ho ba monyako

wa ntlo ya Modimo wa ka,

ho ena le ho phela

metlotlwaneng ya ba kgopo.

12Morena Modimo ke qhobosheane,

ke thebe ya rona,

o fana ka mohau le tlotla;

ha ho letho le molemo

leo Morena a ka le timang

ba metsamao e hlwekileng.

13Morena wa mabotho,

ho lehlohonolo motho ya o tshepang.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help