DIPALO 24 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

1Ha Bileame a bona hore ho thabisa Morena ho hlohonolofatsa Iseraele, ha a ka a hlola a ya batla tsa boloi jwaloka pele, empa a tadima lehwatateng.

2Ha a phahamisa mahlo, a bona Baiseraele ba hlomile ho ya ka meloko ya bona. Moya wa Modimo wa mo fihlela,

3mme a porofeta, a re:

“Bileame, mora wa Beore,

o porofeta tjena,

ho porofeta monna

ya mahlo a tjhatsi,

4ho porofeta monna

ya utlwang lentswe la Modimo,

ya bonang dipono

tsa Ya Matla wohle,

ya welang fatshe

mahlo a hae a ntse a bona.

5“Ditente tsa hao, Jakobo,

di kgahleha hakaakang!

Diahelo tsa hao, Iseraele,

di ntle hakaakang!

6“Di nametse hole jwaloka dikgohlo,

jwaloka masimo

mabopong a dinoka,

jwaloka makgala

a hlomilweng ke Morena,

jwaloka fate tsa dikedare pela metsi!

7Metsi a phalla dinkgong tsa hao,

peo ya hae

e tla ba metsing a mangata,

kgosi ya hae

e tla ba kgolo ho feta Akake,

mmuso wa hae o tla phahamiswa.

8“Modimo ya mo ntshitseng Egepeta,

o matla jwaloka nare.

O tla hlola ditjhaba,

e leng dira tsa hae,

a bjabjaretse masapo a tsona,

a ba bolaye ka metsu

ya diqha tsa hae.

9A borame, a qatjhame jwaloka tau,

le jwaloka tauhadi.

Ke mang ya tla mo tsosa?

“Ya o hlohonolofatsang

a hlohonolofatswe,

ya o rohakang a rohakwe!”

10Balake a halefela Bileame haholo, mme a opa diatla tsa hae, a re ho Bileame: “Ke o bitseditse hore o tlo rohaka dira tsa ka, empa bona, o bile o di hlohonolofaditse ka makgetlo a mararo!

11Jwale he, balehela haeno. Ke ne ke hopotse hore ke tla o hlompha haholo, empa ke mona Morena o o timme hlompho eo.”

12Bileame a re ho Balake: “Na ha ke a ka ka bolella maqosa ao o neng o a romile, ka re:

13‘Leha Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka tlola taelo ya Morena ka ho etsa ho lokileng kapa ho hobe, ke tla bua feela seo Morena a reng ke se bue’?”

Bileame o porofeta la ho qetela

14“Jwale bona, ke ya setjhabeng sa heso. A nke ke o hlokomedise seo setjhaba sa heso se tla se etsa setjhaba sa hao ka matsatsi a tlang.”

15Bileame a porofeta, a re:

“Bileame, mora wa Beore,

o porofeta tjena,

monna ya mahlo a tjhatsi

o a porofeta,

16ho porofeta monna

ya utlwang lentswe la Modimo,

ya nang le tsebo

ya Ya Hodimodimo;

ya bonang dipono

tsa Ya Matla wohle,

ya welang fatshe

mahlo a hae a ntse a bona.

17“Ke a mmona,

empa e seng hona jwale,

ke a mmoha,

empa a se haufi le nna:

Ho tla ropoha naledi

e etswa ho Jakobo,

ho phahame lere la puso

le etswa ho Iseraele;

le tla hlathaka bohle ba Moabe,

le ripitle bana bohle ba Shete.

18O tla hapa Edomo, a e rue,

Seire, sera sa hae,

le yona o tla e rua.

Iseraele o tla nne a matlafale,

19Jakobo o busa dira tsa hae,

mme o timetsa masalla a motseng.”

20Bileame a tadima Baamaleke, mme a porofeta, a re:

“Amaleke

setjhaba sa pele hara ditjhaba,

empa qetellong se tla timella ruri.”

21A tadima Bakene, mme a porofeta, a re:

“Leaho la hao

ke qhobosheane e thata,

sehlaha sa hao

se hahilwe hodima lefika;

22leha ho le jwalo, lona Bakene,

le tla timetswa,

Asure e tla le hapa,

le be bathopuwa.”

23Bileame a porofeta hape, a re:

“Jo! ke mang ya ka phelang

ha Modimo a etsa tjee?

24Empa dikepe

di tla tswa lebopong la Kitime,

di siye Asure le Ebere e le lesupi,

empa qetellong

le tsona di tla timela.”

25Bileame a ema, a tsamaya, a kgutlela ha habo. Balake le yena a ikela ka tsela ya hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help