1Leloko la Jesu Kreste, mora Davida, mora Aborahama.
2Aborahama a tswala Isaka, Isaka a tswala Jakobo, Jakobo a tswala Juda le bana babo,
3Juda a tswala Farese le Sara ka Tamare, Farese a tswala Heserone, Heserone a tswala Arame,
4Arame a tswala Aminadabe, Aminadabe a tswala Nashone, Nashone a tswala Salema,
5Salema a tswala Boase ka Rahaba, Boase a tswala Obede ka Ruthe, Obede a tswala Jese,
6Jese a tswala kgosi Davida.
Davida a tswala Solomone ka mohatsa Uriya,
7Solomone a tswala Roboame, Roboame a tswala Abiya, Abiya a tswala Asa,
8Asa a tswala Jehoshafate, Jehoshafate a tswala Jorame, Jorame a tswala Usiya,
9Usiya a tswala Jotame, Jotame a tswala Akase, Akase a tswala Hesekia,
10Hesekia a tswala Manase, Manase a tswala Amose, Amose a tswala Josiya,
11Josiya a tswala Jekoneya le bana babo ka nako ya ho fallisetswa ha Bajuda Babilona.
12Jwale, kamora ho fallisetswa ha bona Babilona, Jekoneya a tswala Salatiele, Salatiele a tswala Sorobabele,
13Sorobabele a tswala Abihude, Abihude a tswala Eliakime, Eliakime a tswala Asore,
14Asore a tswala Sadoke, Sadoke a tswala Akime, Akime a tswala Eleude,
15Eleude a tswala Eleasare, Eleasare a tswala Matane, Matane a tswala Jakobo,
16Jakobo a tswala Josefa, mohatsa Maria, mosadi ya ileng a tswala Jesu ya bitswang Kreste.
17Ha ho le jwalo, meloko yohle, ho tloha ho Aborahama ho isa ho Davida e bile leshome le metso e mene; ho tloha ho Davida ho isa nakong ya ho fallisetswa ha Bajuda Babilona, meloko e leshome le metso e mene; mme ho tloha nakong ya ho fallisetswa ha bona Babilona ho isa ho Kreste, meloko e leshome le metso e mene.
Tswalo ya Jesu Kreste(Luka 2:1-7)18Tswalo ya Jesu Kreste e bile jwaana: Mmae Maria, ha a se a lebeleditswe ke Josefa, ba eso ka ba phela mmoho, a fumaneha e le moimana ka matla a Moya o Halalelang.
19Erekaha Josefa, mohatsa Maria, a ne a lokile, mme a sa rate ho mo hobosa, a rera ho mo hlala ka lekunutu.
20Yare a sa hopotse jwalo, lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena torong, la re: “Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria mohatsa hao, hobane se emotsweng ke yena se tswa ho Moya o Halalelang;
21o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.”
22Jwale tsena tsohle di etsahetse hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re:
23“Bonang, morwetsana o tla emola,
a tswale mora,
mme mora eo o tla rewa
lebitso la Emmanuele,”
e leng ho re: Modimo o na le rona.
24Ha Josefa a tsoha borokong, a etsa kamoo lengeloi la Morena le mo laetseng kateng, a inkela mohatsa hae;
25mme ha a a ka a kena dikobong tsa hae ho fihlela a beleha mora; Josefa a mo rea lebitso la Jesu.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.