DIPALO 28 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Mahlabelo ka kakaretso(Phal. 29:38-46)

1Morena a bua ho Moshe, a re:

2“Laela bana ba Iseraele, mme o re ho bona: ‘Le hlokomele hore ka dinako tse beilweng le nketsetse nyehelo ya ka ya setjheso sa dijo, e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang.’ ”

Hoseng le ka phirimana

3“O re ho bona: ‘Ena ke nyehelo ya setjheso, eo le tla nyehella Morena ka yona: dikonyana tse tona, tse nang le selemo, tse se nang sepha, di be pedi ka letsatsi le leng le le leng, e be nyehelo ya kamehla ya setjheso.

4O tla nyehela ka konyana e le nngwe hoseng, konyana ya bobedi o nyehele ka yona ka phirimana.

5Le kilo e le nngwe ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka lethara e le nngwe ya ole ya mohlwaare o tutsweng, e le nyehelo ya dijo.

6Sena ke sehlabelo sa kamehla sa setjheso, se ileng sa hlongwa thabeng ya Sinai, e le nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e etsetswang Morena.

7Nyehelo ya seno e tsamayang le konyana ya pele e tla ba lethara e le nngwe ya veine e bohale, tseo o tla di qhatsetsa Morena ka Sehalalelong.

8Konyana ya bobedi o tla nyehela ka yona ka phirimana, o nyehele ka yona le ka nyehelo ya seno e tsamayang le yona, e le nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena.’ ”

Nyehelo ya Sabatha

9“ ‘Ka letsatsi la Sabatha o tla nyehela ka dikonyana tse pedi tse tona, tse nang le selemo, tse se nang sepha, le ka dikilo tse pedi tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, le ka nyehelo ya seno e tsamayang le tsona.

10Ena ke nyehelo ya setjheso ya Sabatha se seng le se seng, e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.’ ”

Mokete wa ho thwasa ha kgwedi

11“ ‘Ka letsatsi la pele la kgwedi e nngwe le e nngwe o tla nyehella Morena ka nyehelo ya setjheso, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha.

12Le ka dikilo tse tharo tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo e tsamayang le pohwana e nngwe le e nngwe; le ka dikilo tse pedi tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo e tsamayang le pheleu e nngwe le e nngwe.

13Le ka kilo e le nngwe ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe e le nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena.

14Dinyehelo tsa dino tse tsamayang le tsona e tla ba dilethara tse pedi tsa veine bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe, le lethara e le nngwe le halofo bakeng sa pheleu e nngwe le e nngwe, le lethara e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe. Ena ke nyehelo ya setjheso ya kgwedi e nngwe le e nngwe ya dikgwedi tsa selemo.

15Ho tla nyehellwa Morena ka phooko ya nyehelo e tlosang sebe, mme ho nyehelwa ka tsona e le tse eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.’ ”

Dinyehelo moketeng wa Bohobe bo sa lomoswang(Mee. 23:5-14)

16“ ‘Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele ke Paseka ya Morena.

17Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la yona kgwedi ena ke mokete; ka matsatsi a supileng ho tla jewa bohobe bo sa lomoswang.

18Ka letsatsi la pele ho tla ba le phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.

19Le tla etsa nyehelo ka mollo, e leng nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha, tse nang le selemo.

20Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba dikilo tse tharo tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo e tsamayang le pohwana e nngwe le e nngwe; le dikilo tse pedi, e le nyehelo e tsamayang le pheleu.

21Nyehelo ya konyana e nngwe le e nngwe ya dikonyana tse supileng e tla ba kilo e le nngwe.

22O nyehele ka phooko e le nngwe ho iketsetsa tefelo ya sebe.

23Dinyehelo tsena e tla ba tse eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso.

24O tla etsa dinyehelo tse jwaloka tsena ka letsatsi le leng le le leng la matsatsi a supileng, e le dinyehelo tsa dijo, tse eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.

25Ka letsatsi la bosupa ho tla ba le phutheho e halalelang, mme le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.’ ”

Dinyehelo moketeng wa kotulo(Mee. 23:15-22)

26“ ‘Ka letsatsi la dilopotsiya, ha le nyehella Morena ka nyehelo ya dijo tse ntjha, moketeng wa lona wa dibeke, ho tla ba le phutheho e halalelang, mme le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.

27Le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse nang le selemo.

28Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; e be dikilo tse tharo bakeng sa pheleu e le nngwe;

29le kilo e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe ya dikonyana tsena tse supileng.

30Ka phooko e le nngwe o iketsetse tefelo ya sebe.

31Dinyehelo tsena e tla ba tse eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo e tsamayang le yona, mme o tla nyehela ka tsona, hammoho le nyehelo ya seno e tsamayang le tsona, di se na sepha.’ ”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help