DIPESALEMA 53 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Bokgopo ba batho(Sheba Pes. 14)

1Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka makodilo.

2Ka pelong sethoto se re:

“Ha ho na Modimo.”

Diketso tsa batho di bodile,

di a nyonyeha,

ha ho le ya mong ya etsang tse ntle.

3Modimo, a le mahodimong,

o tadima bana ba batho,

ho bona hore

na ho teng ya utlwisisang,

ya batlang Modimo.

4Bohle ba kgelohile,

ba senyehile kaofela;

ha ho ya etsang tse ntle,

ha ho le ya mong.

5Na baa bohle ha ba na tsebo,

baa ba etsang tse sa lokang

baa ba itjellang setjhaba sa ka,

jwalokaha ba eja bohobe,

ba sa ipiletse ho Modimo?

6Jwale ba tla tshoha haholo,

ba tshohe kantle ho lebaka,

hobane Modimo

o tla qhalanya masapo,

masapo a ba neng ba o thibeletse.

O tla ba hlabisa dihlong,

mohla Modimo a ba lahlang.

7E se eka pholoho ya Iseraele

e ka tswa Sione!

Mohla Modimo a kgutlisang

setjhaba sa hae,

a se kgutlisa bothopuweng,

Jakobo o tla nyakalla,

Iseraele le yena a thabe.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help