DIPESALEMA 1 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Tsela ya ba lokileng le tsela ya ba kgopo

1Ho lehlohonolo motho

ya sa lateleng dikeletso

tsa ba kgopo,

ya sa tsamayeng

tseleng ya baetsadibe,

ya sa duleng mokgatlong wa basomi;

2a mpa a thabela Molao wa Morena,

Molao oo a o nahana

motsheare le bosiu.

3Eo o jwaloka sefate se hlomilweng

pela metsi a nwesetsang,

se behang ditholwana

ka nako ya tsona,

seo mahlaku a sona a sa poneng.

Yena o atleha ho tsohle

tseo a di etsang.

4Ba kgopo bona ha ba jwalo;

empa ba jwaloka mmoko

o fefolwang ke moya.

5Kahoo ba kgopo ba ke ke

ba phema kahlolo,

baetsadibe ba ke ke

ba balellwa le ba lokileng;

6hobane Morena o tseba tsela

ya ba lokileng,

athe tsela ya ba kgopo

e isa timelong.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help