DIPESALEMA 62 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Ke tshepa Modimo feela

1Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune.

2Ke ho Modimo feela

moo moya wa ka o ka phomolang,

pholoho ya ka e tswa ho yena.

3Ke yena feela lefika la ka,

ke yena feela pholoho ya ka;

ke qhobosheane ya ka,

nke ke ka sisinyeha.

4Lona bohle, le tla nne le pheelle

ho rusolla motho ho fihlela neng,

leha a se a le jwaloka lerako,

rako le hlephileng,

le motero o nyehlileng?

5Ruri ba rera ho mo diha

boemong ba hae bo phahameng,

ba thabela leshano.

Ka melomo

ba hlohonolofatsa motho,

empa ka dipelong

ba a mo rohaka.

6Moya wa ka o phomola

ho Modimo feela,

hobane tshepo ya ka e tswa ho yena.

7Ke yena feela lefika la ka

le pholoho ya ka;

ke qhobosheane ya ka,

nke ke ka sisinyeha.

8Pholoho ya ka

e tswa ho Modimo,

le tlotla ya ka

e tswa ho yena,

ke yena lefika la ka le matla;

Modimo ke setshabelo sa ka.

9Mo tshepeng ka dinako tsohle,

mo tshepeng lona tjhaba sa heso,

mmuleleng difuba tsa lona.

Modimo ke setshabelo sa rona.

10Bafo ke lefeela,

marena ke thetso;

sekaleng ba bobebe,

kaofela ha bona ke lefeela.

11Se tshepeng ho hanyapetsa batho,

se ithetseng ka ho ikgapela maruo,

ka ho ikgapela maruo a ba bang;

leha maruo a lona a ka eketseha,

se beeng pelo tsa lona ho wona.

12Modimo o buile hanngwe,

nna ka utlwa tsena tse pedi:

Matla ke a Modimo,

13ke mohau ke wa hao, Morena;

ke wena ya putsang motho,

ho ya ka diketso tsa hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help