HOSEA 13 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Kahlolo ya ho qetela ya Iseraele

1Ha Efraime a bua,

tjhaba di ne di thothomela,

hoba o ne a le moholo

naheng ya Iseraele;

empa a kgumamela Baale,

kahoo a etsa sebe,

ka baka la sebe seo yaba o a shwa.

2Jwale ba etsa sebe ho ya ho ile,

ba entse medingwana

ka silefera e qhibidisitswe,

ba etsa medingwana ya bona,

medingwana ya manamane,

kaofela ha yona

e le mesebetsi ya ditsebi.

Batho bana

ha ho buuwa ka bona ho thwe:

“Ha ba nyehela

ka mahlabelo a bona,

ba be ba ake

medingwana ya manamane.”

3Kahoo ba tla tshwana

le mouwane wa hoseng,

ba je jwaloka phoka ya meso

e hlohlorehang,

ba be jwaloka mmoko

o fefolwang ke moya seotlong,

ba be jwaloka mosi

o foqohang hodima ntlo.

4Empa Morena o re:

“Ke nna Morena Modimo wa hao,

ho tloha ha o le naheng,

naheng ya Egepeta.

Ha o a ka wa ba le Modimo e mong

kantle ho nna,

hobane ha ho Mopholosi e mong

kantle ho nna.

5Ke o babaletse o le hara lehwatata,

o le naheng e omeletseng haholo.

6Ka ba fepa, ba eja, ba ba ba kgora;

yare ha ba kgotshe

ba qala ho ikgohomosa,

kahoo yaba ba se ba ntebala.

7Jwale ke tla ba futuhela,

ke ba futuhele sa lekakuba,

tseleng teng ke ba lalle sa lengau.

8Ke tla ba futuhela

se bere e le tshehadi,

sa bere

e bolaetsweng madinyane a yona,

ke tsekolle maaparapelo a bona,

ke ba harole jwaloka tauhadi,

jwaloka hoja

ba harotswe ke sebatana.

9“Wena Iseraele, ke tla o timetsa!

Ebe ke mang

ya ka tsebang ho o thusetsa?

10E kae kgosi ya hao

e ke e o namolele,

e o sireletse metseng yohle ya hao?

Babusi bohle

ba metse ya hao ba kae,

bona bao o ne o bue ka bona,

wa re: ‘Ako mphe kgosi,

o be o mphe le mahosana’?

11Ka o nea kgosi eo ke halefile,

ka ba ka o amoha yona ke halefile.

12Bokgopo ba Efraime

bo ngotswe bukeng,

sebe sa hae se ke ke sa lebaleha.

13Mahlaba a pelehi a tla tshwara mmae,

empa Efraime ke ngwana ya sethoto,

o lesisitheho

ho belehwa ka nako ya teng.

14“Na nka ba phemisa,

ka ba phemisa Nqalo ya Bafu?

Na nka ba lopolla tleneng tse lefu?

wena lefu, lokisa mahloko a hao!

Wena lebitla, tjhorisa motsu wa hao!

Ha ke na ho ba le kutlwelobohloko!

15Leha a ka atleha hara bana babo,

moya o hlahang botjhabela

o tla tsoha,

moya o tswang ho Morena

o tsohe lehwatateng;

mohlodi wa Efraime o tla nyamela,

sediba sa hae se kopotsang

ebe se a psha.

Matlo a polokelo ya hae

a tla lobelwa,

matlotlo wohle a bohlokwa

a haptjwe.

16Samaria e tla fumana kotlo,

hobane e fetohetse Modimo wa yona.

Baahi ba yona

ba tla bolawa ka sabole,

masea a bona

a pshatlanngwe fatshe,

baimana ba bona

ba tabolakwe dimpa.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help