ESEKIELE 35 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Modimo o ahlola Seire

1Lentswe la Morena la fihla ho nna hape, la re:

2“Wena ngwana motho, tadima Thaba ya Seire, o e porofetele.

3Ere ho yona: ‘Morena Modimo o bua tjena:

“ ‘Ke o halefetse,

wena Thaba ya Seire,

ke tla otlolla tsoho la ka,

ke le otlollele hodima hao,

ke o fetole nanaola le lefella.

4Metse ya hao ke tla e ripitla,

wena ke o fetole, o be nanaola;

kahoo a tla tseba hore ke nna Morena.

5“ ‘Haesale o hloile bana ba Iseraele ho tloha kgale, wa tsholla madi a bona ka sabole ha ba le tsietsing, mohla o neng o ba ahlola la ho qetela.

6Ka baka leo, ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ke tla o bolaya, ke tsholle madi a hao. Erekaha ha o a ka wa hloya tshollo ya madi, ke tla tsholla madi a hao.

7Ke tla fetola Thaba ya Seire letswatlare, ke bolaye bohle ba tsamayang ho yona.

8Wena Seire, dithaba tsa hao ke tla di kwahela ka ditopo; ba bolailweng ka sabole ba tla tlala maralleng, le dikgohlong, le dinokeng tsohle tsa hao.

9Ke tla o fetola letswatlare ho isa kgale, metse ya hao e fetohe dithako. Kahoo o tla tseba hore ke nna Morena.

10“ ‘O ile wa re: “Ditjhaba tsena tse pedi le dinaha tsena tse pedi e tla ba tsa ka, mme re tla di hapa,” le hoja nna Morena, ke ne ke ntse ke le teng.

11Ka baka leo, ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ke tla o otlela kgalefo eo o neng o ba halefetse ka yona, le mohono oo o neng o ba honohela ka wona, le lehloyo leo o neng a ba hloile ka lona. Ha ke se ke o ahlotse ke tla itsebisa bona.

12Le wena o tla tseba hore nna Morena, ke utlwile dinyefelo tsohle tseo o ileng wa nyefola dithaba tsa Iseraele ka tsona, wa re: “Di fetohile matswatlare; re di neilwe hore re di lobele.”

13Ka melomo ya lona le ile la ithorisetsa nna, la mpuela mantswe a mangata a le fetang, mme ka a utlwa.’ ”

14Morena Modimo o bua tjena: “Ke tla o fetola letswatlare hoo lefatshe lohle le tla nyakalla.

15Kaha o ile wa thabela ho bona ntlo ya Iseraele, eo e leng lefa la ka, e ripitlwa, le wena ke tla o etsa jwalo, wena Thaba ya Seire. O tla fetoha letswatlare, le Edomo yohle e be jwalo. Ka hona ba tla tseba hore ke nna Morena.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help