ESAYA 4 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

1Matsatsing ao basadi ba supileng ba tla tshwara monna a le mong, ba re ho yena: “Re tla iphepa, re ikapese, ha feela re ka bitswa ka wena, e le hore sekgobo sa hore ha re a nyalwa se tle se tlohe.”

Jerusalema e tla tsoswa

2Mehleng eo Lehlomela la Morena le tla atleha le tlokome. Setjhaba sohle sa Iseraele se ileng sa phonyoha se tla thabela dijalo tse behwang ke naha.

3Masalla a ileng a sala Sione, le a ileng a sala Jerusalema, ho tla thwe a a halalela; ke ho re bohle ba ngotsweng, e leng ba phelang Jerusalema.

4Morena o tla hlwekisa baahi ba Sione. Ka matla a moya wa hae o kang mollo, Morena o tla ahlola setjhaba, mme a se hlwekise, a hlakole molato wa Jerusalema le madi a tsholotsweng teng.

5Thaba ya Sione mmoho le ba phuthehelang ho yona, motsheare Morena o tla e sireletsa ka leru le ka mosi, bosiu a e bonesetse ka kganare ya mollo, bohle ba sireletswe ke tlotla ya hae.

6Tlotla eo ya hae e tla sireletsa motse motjhesong wa letsatsi, e be motse oo ho tshabelwang ho wona mohla dipula le difefo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help