JOBO 40 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Jobo o re o sitwa ho araba Modimo

1Morena a boela a re ho Jobo:

2“Na monyatsi a ka phea kgang

le Ya Matla wohle?

Ya nyatsang Modimo a ke a arabe!”

3Yaba Jobo o araba Morena, o re:

4“Bona, ha ke letho!

Nka o araba jwang?

Ka tsoho la ka

ke thiba molomo wa ka.

5Ke se nkile ka bua,

nke ke ka hlola ke araba;

ke ile ka bua habedi,

nke ke ka bua ho feta moo.”

Phoofolo tse hlaha di laolwa ke mang?

6Morena a araba Jobo a ntse a le kahara sefefo, a re:

7“Itlame letheka, o eme senna,

ke o botse dipotso,

wena o nkarabe.

8“Na kahlolo ya ka

o tla fela o e hanyetse,

ebe o mpea molato,

hore o itokafatse?

9Na tsoho la hao

le tshwana le la Modimo,

hoo o ka kirietsang

ka ntswe le kang la hae?

10Ikgabise he ka tlotla

le ka bokgosi,

o ikapese ka hlompho

le botlotlehi.

11Filo la kgalefo ya hao

o hlo le hlatse,

ha o bona moikgohomosi

o mo kokobetse;

12ha o bona moikgohomosi

o mo theole,

o tlabikelle ba kgopo

tulong tsa bona;

13o ba epele leroleng ba le mmoho,

topo tsa bona

o di kwahelle ka lebitleng.

14Jwale le nna

ke tla o thoholetsa, ke re:

‘Tsoho la hao le letona

le ka o pholosa!’

15“Tadimisisa kubu hantle!

Ke e bopile jwalokaha ke o bopile,

empa yona e fula jwang

jwaloka kgomo.

16Ako bone matla a letheka la yona!

Bona bothata ba ditshika

tsa mohodu wa yona!

17E peralatsa mohatla wa yona,

e o peralatse jwaloka fate sa kedare,

ditshika tsa rope tsa yona

di teteane;

18masapo a yona

a tshwana le pompo tsa lethose,

masapo a yona

a tshwana le ditshiya tsa tshepe.

19Hara mmopo wa Modimo

ke thahadima,

e ka hlolwa feela

ke Mmopi wa yona.

20Dijo tsa yona di theoha dithabeng,

moo phoofolo tsa naha

di bapallang teng.

21E botha tlasa difate tsa leoka,

e ipata mokgwabong hara lehlaka.

22Leoka le e etseditse moriti,

e etseditswe sakana-la-nkope,

la e etsetswa ke meduwane,

meduwane ya melatswana.

23Ha e balehiswe

ke ho tlala ha noka,

ha e tshohe

leha Jorodane e ka phuthumana,

ya phuthumanela

ka hanong la yona.

24E ka tshwarwa ke mang

e ntse e shebile,

Ya kenngwa kgwathatha ka nkong

ke mang?”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help