1 BATHESALONIKA 3 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

1Jwale ha re se re sitwa ho iphapanya, re ile ra ikhethela ho sala re le bang Athene.

2Ra roma Timothea ngwanabo rona, ya sebetsang le Modimo ho phatlalatsa molaetsa o molemo wa Kreste, ho tla le matlafatsa le ho le kgothatsa tumelong ya lona.

3Ra etsa jwalo hore ho se be le ya mong wa lona ya ka sisinngwang ke matshwenyeho ana, hobane le a tseba hore matshwenyeho ana ke kabelo ya rona.

4Ha re sa ntsane re ena le lona, re ile ra le bolella e sa le pele hore eka kgona re be le matshwenyeho. Hona ho ile ha fela ha etsahala, jwalokaha le lona le tseba.

5Ka lebaka lena, e ile yare ha ke se ke sitwa ho iphapanya, ka roma Timothea ho lona ho ya batlisisa tsa tumelo ya lona; e se be mohlomong Moleki o le lekile, mme mosebetsi wa rona o fetohile lefeela.

6Hona jwale Timothea o kgutletse ho rona a etswa ho lona, mme o re tliseditse ditaba tse monate tsa tumelo le lerato la lona. O re kamehla le ntse le re hopola ka thabo, mme le hlolohetswe ho re bona, jwalokaha le rona re hlolohetswe ho le bona.

7Ka baka leo, bana beso, ditsietsing le matshwenyehong a rona re tshedisehile ke tumelo ya lona,

8hobane kaha le tiiseditse ho Morena, re a phela.

9Jwale Modimo re ka mo leboha jwang ka baka la lona, le ka baka la thabo eo le re thabisitseng ka yona pela Modimo wa rona?

10Bosiu le motsheare re rapela re tiile hore re tle re le bone, mme re tlatsetse moo tumelo ya lona e haellang teng.

11Jwale Modimo, yena eo e leng Ntata rona, le Morena wa rona Jesu, a ke a re lokisetse tsela ya ho tla ho lona.

12Morena a ke a eketse, mme a totise lerato la lona, hore le ratane, mme le rate batho bohle, jwalokaha le rona re le rata.

13Ka mokgwa ona a ke a matlafatse dipelo tsa lona, e tle ere mohla Morena wa rona Jesu a tlang le bahalaledi ba hae bohle, le halalele, le se ke la nyatseha mahlong a Modimo, Ntata rona.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help