1 SAMUELE 29 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Bafilesita ba leleka Davida

1Bafilesita ba kgobokanyetsa mabotho a bona wohle Afeke. Baiseraele bona ba hloma haufi le sediba se Jesereele.

2Mahosana a Bafilesita a nna a subuhlellana ka makgolo le ka dikete; Davida le bahlabani ba hae ba ena le Akishe, ya eba ba ho qetela.

3Yaba mahosana a Bafilesita a re: “Baheberu baa ba batlang moo?”

Akishe a re ho mahosana a Bafilesita: “Enwa ke Davida, mohlanka wa Saule, kgosi ya Iseraele, eo e seng e le nako a le ho nna mona. Haesale a fihla mona, ha ke eso fumane phoso ho yena ho fihlela kajeno.”

4Empa mahosana a Bafilesita a halefela Akishe, a re ho yena: “Mo kgutlisetse moo o mo fileng bokginapere teng, o se ke wa mo dumella a ya le rona ntweng, esere a fetoha lehlabaphiyo ha theko di teana. A ka etsa kgotso jwang le monga hae, haese ka dihlooho tsa banna baa ba rona?

5Na hase yena Davida eo ba neng ba mmina metjekong, ba re:

“ ‘Saule o bolaile ba hae ba dikete,

Davida yena

o bolaile ba kete tsa dikete?’ ”

6Jwale Akishe a bitsa Davida, mme a re ho yena: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, o tshepahetse ho nna. O ile wa nkgahla ha re ntse re futuha le wena ka mabotho. Ho tloha mohla o fihlang mona ho nna, ho fihlela kajeno, ha ke eso fumane bobe ba letho ho wena. Leha ho le jwalo, mahosana ha a o amohele.

7Ka baka lena he, kgutla, o ikele ka kgotso, o tle o se ke wa kgopisa mahosana a Bafilesita.”

8Yaba Davida o re ho Akishe: “Empa ke entseng? Ho tloha ka letsatsi leo ke fihlileng ka lona mona, ho fihlela kajeno, o fumane phoso efe ho mohlanka wa hao, hoo nke keng ka ya lwantsha dira tsa monga ka, kgosi ya ka?”

9Akishe a araba Davida, a re: “Ke a tseba hore o tshepahala jwaloka lengeloi la Modimo, empa leha ho le jwalo, mahosana a Bafilesita a itse: ‘A se ke a ba a ya ntweng le rona!’

10Ka baka lena, o tle o tsohe e sa le ka madungwadungwana le bahlanka ba monga hao ba tlileng le wena, mme hanghang ha ho qala ho ela, o tsamaye.”

11Kahoo Davida le banna ba hae ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, ba tsamaya, ba kgutlela naheng ya Bafilesita, mme Bafilesita bona ba nyolohela Jesereele.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help