DIPESALEMA 14 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Bokgopo ba batho(Sheba Pes. 53)

1Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

Ka pelong sethoto se re:

“Ha ho na Modimo.”

Diketso tsa batho di bodile,

di a nyonyeha,

ha ho le ya mong ya etsang tse ntle.

2Morena, a le mahodimong,

o tadima bana ba batho,

ho bona hore na ho teng

ya utlwisisang,

ya batlang Modimo.

3Bohle ba kgelohile,

ba senyehile kaofela;

ha ho ya etsang tse ntle,

ha ho le ya mong.

4Na baa bohle ha ba na tsebo,

baa ba etsang tse sa lokang,

baa ba itjellang setjhaba sa ka,

jwalokaha ba eja bohobe,

ba sa ipiletse ho Morena?

5Jwale ba tla tshoha haholo,

ba tshohe,

hobane Modimo o ka thekong,

ya moloko o lokileng.

6Lona le ka soma merero

ya ya hlophehileng,

empa Morena ke setshabelo sa hae.

7E se eka pholoho ya Iseraele

e ka tswa Sione!

Mohla Morena a kgutlisang

setjhaba sa hae,

a se kgutlisa bothopuweng,

Jakobo o tla nyakalla,

Iseraele le yena a thabe.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help