KOLI-YA-MALLA 5 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Thapelo e kopang mohau

1Morena, ako hopole

tse re wetseng hodimo!

Ako tadime,

o bone sekgobo sa rona!

2Naha ya rona

e hapilwe ke baditjhaba,

melata e ikabile ka malapa a rona.

3Re dikgutsanyana,

bo-ntata rona ba shwele,

bo-mma rona

ba fetohile bahlolohadi.

4Re nwa metsi a rekwang ka tjhelete,

patsi re e fumana ka ho e reka!

5Baphaladisi ba rona

ba re hateletse melala,

re sebetsa ka thata,

phomolo ha re e fumane.

6Ra ipea tlasa Egepeta le Asiria,

re tle re tsebe ho fumana bohobe.

7Bo-ntata rona ba entse dibe,

mme ba shwele,

rona re ahlolelwa makgopo a bona.

8Makgoba a fetohile babusi ba rona,

ha ho ya re namolelang

matsohong a wona.

9Re fumana dijo

re okametswe ke lefu,

ka baka la sabole e lehwatateng.

10Letlalo la rona

le ntshofetse sa sebopi,

ka baka la ho phela hara sekoboto.

11Ba ile ba beta basadi ba Sione,

ba beta le barwetsana

ba metse ya Juda.

12Mahosana a ile a tshwarwa,

a fanyehwa,

baholo ba setjhaba

ba rolelwa hlompho.

13Bahlankana ba sebetsa ka thata,

ba a sila,

bashanyana ba sudubana

tlasa mangata a patsi.

14Maqheku ha a sa dula

kgorong ya motse,

batjha ba kgaoditse

ho letsa makodilo.

15Thabo ya pelo tsa rona e fedile,

metjeko ya rona e fetohile bofifi.

16Meqhaka e wele hloohong tsa rona,

re madimabe, hobane re sitilwe.

17Ka baka la tsena

pelo tsa rona di nyahame,

ka baka la tsena

mahlo a rona a fifetse.

18Kahobane thaba ya Sione

e le feela,

phokojwe di nyanyaka

hara masupi a yona.

19Wena Morena,

o busa kamehla yohle,

terone ya hao

e hlomamiseditswe meloko yohle.

20Ke ka baka lang

o re lebalang kamehla?

Ke ka baka lang

o re furallang halelele?

21Re kgutlisetse ho wena Morena,

re tla kgutla,

ntjhafatsa tshiu tsa rona

di be jwaloka pele.

22Kapa ebe o so re lahletse ruri?

Kgalefo ya hao ha e sa na moedi?

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help