1Ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, yare hoba Baruke, mora wa Neriya, a qete ho ngola mantswe a tswang molomong wa Jeremia, a a ngole bukeng, Jeremia a re ho yena:
2“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena ho wena Baruke:
3O itse: ‘A nna elwa! Morena o phaeletse maswabi a ka ka mahlomola; ke kgathetse ke ho fehelwa, ha ke na phomolo!’
4“Wena Jeremia, o tle o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Bonang, seo ke ileng ka se haha ke tla se heletsa; seo ke se hlommeng ke se motsule lefatsheng lohle.
5Na wena o ipatlela tse kgolo? Se ke wa di batla, hobane ke tla dihela koduwa hodima batho bohle, ho rialo Morena, empa wena ke tla o baballela bophelo ba hao hohle moo o yang teng.’ ”
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.