DIPESALEMA 138 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Teboho ho Modimo ya tshepahalang

1Pesalema ya Davida.

Morena, ke o boka

ka pelo ya ka yohle,

ke o roka pontsheng ya mangeloi.

2Ke kgumama ke shebile Tempeleng,

Tempeleng ya hao e halalelang,

ke boka lebitso la hao

ka baka la mohau wa hao

le botshepehi ba hao;

o tumisitse lebitso la hao

le tshepiso ya hao ho feta tsohle.

3Ha ke ne ke ipiletsa ho wena

o ile wa nkaraba,

wa matlafatsa moya wa ka.

4Morena, dikgosi tsohle tsa lefatshe

di tla o boka,

ha di utlwa mantswe

a tswang molomong wa hao.

5Di tla rorisa ditsela tsa Morena,

di re: “Tlotla ya Morena e kgolo.”

6Leha Morena a phahame hakaalo,

o bona ba eisehang;

ba ikgantshang

o ba tseba ba sa le hole.

7Leha nka phela hara ditsietsi,

wena o baballa bophelo ba ka;

letsoho la hao

le ntshireletsa bohaleng,

bohaleng ba dira tsa ka,

letsoho la hao le letona

le a mpholosa.

8Morena o tla phetha

seo a ntheretseng sona.

Morena, mohau wa hao

ke wa kamehla yohle;

o se lahle

mosebetsi wa diatla tsa hao.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help