ESAYA 31 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Modimo o tla sireletsa Jerusalema

1Ho madimabe ba yang Egepeta

ho kopa thuso,

ba tshepileng dipere

le boiyane ba kariki tsa ntwa,

le bapalami ba dipere

hobane e le dinatla,

empa ba sa natse

Ya Halalelang wa Iseraele,

ba sa ipiletse ho Morena

ho batla thuso.

2Empa Morena o bohlale,

o tla tlisa koduwa,

a ke ke a fetohela

seo a ileng a se bolela;

malapa a ba kgopo

o tla a tsohela matla,

le bathusi ba ba etsang bokgopo

a ba tsohele matla.

3Baegepeta ke batho ba nama,

hase modimo,

pere tsa bona ke tsa nama,

hase tsa moya.

Ha Morena a otlolla tsoho la hae,

ya thusetsang o a kgothometseha,

ya thusetswang ebe yena o a wa,

bobedi ba bona ebe ba a timela.

4Morena o bua tjena ho nna:

“Ha tau le tawana

di puruma hodima sefifi,

leha sekgakgatha sa badisana

se ka di futuhela,

di ke ke tsa tshoswa

ke mehoo ya bona,

di ke ke tsa nyaroswa

ke lerata la bona.

Le Morena wa mabotho

o tla theoha jwalo,

ho tla lwanela Thabeng ya Sione

le leralleng la yona.

5Jwalokaha nonyana

di thathalatsa mapheo,

Morena wa mabotho

o sireletsa Jerusalema jwalo;

o tla e sireletsa a e lopolle,

a fete hodima yona a e pholose.”

6Lona Baiseraele, kgutlelang ho eo le mo furaletseng haholo.

7Ka letsatsi leo, e mong le e mong o tla furalla medimo ya hae ya bohata, ya silefera le ya kgauta, eo a iketseditseng yona ka matsoho a hae a boetsadibe.

8“Baasiria ba tla bolawa,

ba bolawe ka sabole e se ya motho,

ba timetswe ka sabole e se ya motho.

Baasiria ba tla baleha sabole,

bahlankana ba bona

ba sebediswe ka thata.

9Kgosi ya bona e tla baleha

ke ho tshaba,

balaodi ba lahle mekgele ya bona

ke ho tshoha,”

ho rialo Morena

eo mollo wa hae o leng Sione,

eo sebopi sa hae

se leng Jerusalema.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help