DIPESALEMA 82 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Modimo o ahlola baahlodi ba sa lokang

1Pesalema ya Asafo.

Modimo o dutse lekgotleng

la bomodimo,

o ahlola a le hara baahlodi.

2O re: “Le tla ahlola

ho fihlela neng,

le ntse le ahlola hampe,

le nne le emele ba kgopo?

3Ahlolelang mofokodi ka toka,

ahlolelang le kgutsana ka toka;

etsetsang mohlophehi toka,

le mohloki le mo etsetse yona.

4Lopollang mofokodi le mofutsana,

le ba namolele matsohong

a ba kgopo.”

5Ha ba na tsebo kapa kutlwisiso,

ba itsamaela lefifing,

ba sisinya metheo ya toka.

6Ke ile ka re: “Le medimo,

lona bohle

le bana ba Ya Hodimodimo;

7empa le tla shwa jwaloka batho,

le we jwaloka kgosana efe kapa efe.”

8Thusa, Modimo, o ahlole lefatshe,

hobane ditjhaba tsohle ke tsa hao.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help