DIPESALEMA 111 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Mesebetsi ya Morena e meholo

1Haleluja!

Ke tla boka Morena

ka pelo ya ka yohle,

ke le phuthehong ya ba lokileng.

2Mesebetsi ya Morena e meholo,

e fuputswa ke bohle ba e thabelang.

3Mosebetsi wa hae

o bonahatsa tlotla le botlotlehi,

ho loka ha hae

ho teng kamehla yohle.

4O entse hore dimakatso tsa hae

di se ke tsa lebalwa;

Morena o mosa,

o na le kutlwelobohloko.

5O fepa ba mo tshabang;

o hopola selekane sa hae kamehla.

6O bontshitse setjhaba sa hae,

a se bontsha matla

a mesebetsi ya hae,

ka ho se nea lefa la baditjhaba.

7Mesebetsi ya diatla tsa hae

e a tshepahala,

mesebetsi ya hae e lokile,

ditaelo tsohle tsa hae ke tsa nnete;

8di etseditswe mehla yohle,

di hlophilwe ka botshepehi

le ka ho loka.

9O lopolotse setjhaba sa hae,

a laela hore selekane sa hae

e be sa kamehla yohle;

lebitso la hae le a halalela,

mme le a tshabeha.

10Qaleho ya bohlale

ke ho tshaba Morena,

bohle ba sedi ba phela jwalo.

O lokelwa ke thoriso kamehla.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help