ESAYA 46 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Medimo ya Babilona ya bohata

1Bele o a ketoha,

Nebo o kgatheng la ho wa,

medingwana ya bona

e bofilwe hodima dipelesa.

Medingwana eo e bofilweng e boima,

e imela dipelesa tse kgathetseng.

2E kgatheng la ho wa,

e ketoha hammoho,

e sitwa ho ithola morwalo,

medingwana eo le yona

e ya bothopuweng.

3“Mmameleng

lona ba ntlo ya Jakobo,

lona masalla wohle

a ntlo ya Iseraele,

lona bao ke le sikileng

ho tloha mohla le tswalwang,

lona bao ke le pepileng

ho tloha mohla le tswalwang.

4Ho fihlela boqhekung ba lona

ha ke eso fetohe,

ke tla nne ke le pepe

ho fihlela le eba bo-raputswe.

Ke nna ya le bopileng,

mme ke tla nne ke le sike,

ke tla nne ke le pepe,

ke le namolele.

5“Jwale le tla ntekanya le mang,

le nketse thaka ya hae?

Le tla ntekanya le mang

hore ke tle ke tshwane le yena?

6Ba bang ba ntsha kgauta

ka mekotleng ya bona,

ebe ba bea silefera sekaleng,

ba hira lelala la kgauta

ho etsa setshwantsho,

tshwantsho sa modimo wa bohata,

ba se obamele, ba se kgumamele.

7Ba a se nka,

ba se jare ka mahetla a bona,

ba se bee tulong tsa sona,

se eme teng;

moo se emeng teng

se ke ke sa sisinyeha.

Leha motho a ka ipiletsa ho sona

ha se mo arabe,

leha e le hona ho mo pholosa

tsietseng ya hae.

8“Hopolang taba ena,

e tsitse kelellong tsa lona,

le nne le e hopole, lona bakwenehi.

9Hopolang taba tsa boholoholo

taba tsa kgale,

ke nna Modimo,

ha ho na e mong;

ke nna Modimo,

ha ho ya tshwanang le nna.

10Ho tloha qalehong

ke tsebisitse batho tsa ho qetela,

ho tloha mehleng ya boholoholo

ka ba tsebisa,

ka ba tsebisa tse tla etsahala,

ka re: ‘Merero ya ka e tla tiya,

ke tla etsa tsohle tseo ke di ratang.’

11Ke bitsa lenong le etswa botjhabela,

e leng motho

ya tswang naheng e hole,

ke mmitsetsa

ho tla phetha thato ya ka.

Seo ke se boletseng ke tla se phetha,

seo ke se rerileng ke tla se etsa.

12Mmameleng, lona ba pelo di thata,

lona ba leng hole le ho loka.

13Ho loka ha ka ke ho tlisa haufi,

ebile ha ho sa le hole haholo,

ho pholosa ha ka

ho ke ke ha dieha.

Sione ke tla e pholosa,

Iseraele ke e tlotlise.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help