ESAYA 5 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Sefela se rorisang tshimo ya morara

1Moratuwa wa ka

ke tla mminela sefela,

ke binele tshimo ya hae sefela,

tshimo ya hae ya morara;

moratuwa o ne a ena le tshimo

rallaneng le mobu o motle.

2A e kgatha, a hleka majwe ho yona,

ho yona a lema

morara o motlemotle,

a haha kalana bohareng ba yona,

a ba a e tjhekela setlhotlelo,

a lebella hore e behe

morara o monate,

empa ya beha morara wa hlahlaane.

3“Lona banna ba Jerusalema

le banna ba Juda,

a ke le ahlole pakeng tsa ka,

le tshimo ya ka ya morara.

4Nkabe ke etseditse tshimo ya ka eng,

ho feta seo ke e etseditseng sona?

Ha ke ne ke lebeletse

hore e behe morara o monate,

ho tlile jwang

hore e behe morara wa hlahlaane?

5Ke tla le bolella seo ke tla se etsa,

ke se etse

tshimong ya ka ya morara:

Motero wa yona

ke tla o tlosa e fetohe lekgulo,

mabota a yona ke a heletse,

a hatakelwe ka maoto.

6Ke tla e tlohela e senyehe,

morara o ke ke wa faolwa

kapa wa lemelwa,

hlabahlabane le meutlwa

di tla mela ho yona,

ke thibele maru

a se ka e nesetsa pula.”

7Tshimo ya morara

ya Morena wa mabotho,

ke ntlo ya Iseraele,

tjhaba sa Juda

ke semela se mo kgahlang;

Morena a batla toka,

empa a e hloka,

bakeng sa ho loka

ya eba dillo le tshollo ya madi.

Bobe bo etswang ke batho

8Ho madimabe lona

ba inkelang matlo a batho,

lona ba itjellang masimo a batho,

ho fihlela baka sohle e le sa lona,

le phela le le inotshi naheng eo.

9Morena wa mabotho

o nnyenyeleditse, a re:

“Matlo a mangata

a tla sala e le dithako,

matlo a maholo, a matle,

a hloke baahi.

10Diakere tse leshome

tsa tshimo ya morara

di tla beha dilethara

tse robedi feela tsa veine;

peo e etsang dilethara

tse lekgolo le mashome a robedi

e behe dilethara

tse leshome le metso e robedi,

tse kaalo feela tsa koro.”

11Ho madimabe

ba tsohellang jwaleng,

ka madungwadungwana,

ba inwellang ho fihlela bosiu,

ba tahwe ke veine.

12Meketeng ya bona

ba letsa harepa le dikatara,

ba tidinye meropa le makodilo,

ba nwe veine;

mosebetsi wa Morena

wona ha ba o natse,

tseo a di entseng tsona

ha ba di bone.

13Ka baka leo,

tjhaba sa ka se tla thopuwa

hoba tjhaba sena

se hloka kutlwisiso;

bahlomphehi ba sona

ba tla bolawa ke tlala,

bongata ba sona

bo tla shwa ke lenyora.

14Kahoo lebitla le ba lapetse,

le se le ahlame, le ba emetse;

kgabane tsa bona le matshwele

di theohela teng,

di theohela le menyaka

le marata a tsona.

15Bohle ba tla nyenyefatswa,

ba kokobetswe,

baikakasi le bona ba kokobetswe.

16Morena wa mabotho

o tla ba phahamela kahlolong,

Modimo ya halalelang

o tla iponahatsa,

ka ho loka a iponahatse a halalela.

17Dinku di tla fula

eka ke makgulong a tsona,

dikonyana tsona di fule

thakong tsa barui.

18Ho madimabe

ba ikgulelang bokgopo,

ka thapo tsa mafeela,

ba ikgulelang sebe

jwalokaha kariki e hulwa;

19ba reng:

“Modimo a akofise mesebetsi ya hae

re e bone,

merero e atamele,

merero ya Ya Halalelang wa Iseraele

e atamele re tle re e tsebe.”

20Ho madimabe ba reng

bobe ke ho loka,

ho loka ke bobe,

ba reng lefifi ke lesedi,

lesedi ke lefifi,

ba reng ho babang ho monate,

ho monate ho a baba.

21Ho madimabe ba reng ba bohlale,

bona ba iponang ba le masene.

22Ho madimabe ba reng

ha ba hlolwe ke jwala,

ba reng ba tseba haholo

ho tswaka dino;

23ba lokollang ya molato

ka baka la tjotjo,

ya se nang molato

yena ba mo hlokele toka.

24Ka baka leo, ba tla tjha

sa ditlhaka di tjheswa ke mollo,

ba tjhe sa matlakala

a tjheswa ke malakabe,

metso ya bona e tla bola,

thunthung tsa bona

di fefohe jwaloka lerole,

hobane ba furaletse molao

wa Morena mabotho,

ba nyedisitse polelo

tsa Ya Halalelang wa Iseraele.

25Ka baka leo, kgalefo ya Morena

e tlokomela tjhaba sa hae,

o phahamisitse tsoho la hae,

o a ba otla, thaba di a reketla,

topo tsa bona eka matlakala

hara seterata.

Leha ho le jwalo,

kgalefo ya hae ha e kgaotse,

tsoho la hae

o ntsa le phahamisitse.

26O phahamiseditse

tjhaba tse hole mokgele,

ba pheletsong tsa lefatshe

o ba bitsa ka molodi,

ke bana ba etla kapele,

ba potlakile!

27Ha ho le ya mong wa bona

ya kgathalang, a kgothometsehe,

ha ho leqhama

le kgwehlileng thekeng,

ha ho lerapo

la moqathatso le kgaohileng.

28Metsu ya bona e ntjhotjho,

diqha tsa bona di dutse di kobilwe,

tlhako tsa pere tsa bona

eka mahakwe,

mabidi a koloi tsa bona tsa ntwa

eka setsokotsane.

29Ho puruma ha bona ho ka ha tau,

ba puruma jwaloka ditawana,

ba a rora

ha ba tshwara phofu ya bona,

ba e hlasinye

ho se ya ka e pholosang ho bona.

30Tsatsing leo, ba tla puruma

ba e hateletse,

ba purume sa lewatle le hwasa.

Etlare ha motho a tadima lefatshe

a bone lefifi le ditlallo,

lesedi le lona

le fifaditswe ke maru.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help