DIPESALEMA 80 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Setjhaba se rapella ho tsoswa hape

1Pesalema ya Asafo, ya bopaki. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mehaladitwe”.

2Oho, modisa wa Iseraele,

ako re sekehele tsebe;

wena ya tsamaisang leloko la Josefa,

ya le tsamaisang jwaloka mohlape,

wena ya dutseng

hodima dikerubime,

3ako iponahatse ho Efraime,

le ho Benjamine, le ho Manase.

Bontsha matla a hao, o re pholose.

4Oho, Modimo, ako boele o re tsose,

o re bontshe sefahleho

se kganyang kgotso,

re tle re pholohe.

5Morena, Modimo wa mabotho,

o tla re halefela ho fihlela neng,

rona tjhaba sa hao se o rapelang?

6O se phedisa ka dikgapha

jwalokaha eka ke bohobe,

o se nwesa meokgo e mengata.

7O re entse sesosa sa ditsekisano

tsa bao re ahisaneng le bona,

dira tsa rona di a re soma.

8Oho, Modimo wa mabotho,

ako boele o re tsose,

o re bontshe sefahleho

se kganyang kgotso,

re tle re pholohe.

9O ile wa hlomola morara Egepeta,

wa tla o hloma moo,

moo o lelekileng ditjhaba teng.

10O ile wa o lokisetsa mobu,

metso ya teba,

yaba wona o tlala naha.

11Moriti wa wona wa kwahela dithaba,

mahlaku a kwahela difate,

fate tsa dikedare tse telelehadi.

12Makala a wona a nama,

a nama ho ya fihla Lewatleng,

mahlomela a ya fihla Nokeng.

13Keng ha o dihile metero ya wona,

hore o tle o ikgellwe

ke mofetakatsela,

14o tle o fatakwe ke kolobemoru,

o jewe ke batana tsa naha?

15Oho, Modimo wa mabotho,

ako boele o kgutle;

ako tadime o le mahodimong,

o bone, o hlokomele morara ona.

16Sireletsa se hlomilweng

ke tsoho la hao le letona,

mora eo o ikgodiseditseng yena.

17Ba o tjhesitseng ka mollo,

ba o remileng,

ba ke ba timetswe ke kgalefo,

kgalefo ya fahleho sa hao.

18Tsoho la hao le ke le be

hodima mokgethwa wa hao,

mora eo o ikgodiseditseng yena.

19Jwale ha re sa tla hlola re o furalla,

ako boele o re phedise,

re tle re rapele lebitso la hao.

20Oho, Morena, Modimo wa mabotho,

ako boele o re tsose,

o re bontshe sefahleho

se kganyang kgotso,

re tle re pholohe.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help