1Pesalema ya teboho.
Lona ba lefatshe lohle
etsetsang Morena mehoo ya thabo,
2sebeletsang Morena ka thabo,
tloong kapele ho yena ka ditlatse.
3Tsebang hore Morena ke Modimo,
o re bopile, mme re ba hae;
re setjhaba sa hae,
mohlape wa makgulo a hae.
4Kenang dikgorong tsa hae
le ntse le mmoka,
le mabaleng a hae
le ntse le mo rorisa;
mo leboheng,
le boke lebitso la hae.
5Morena o molemo,
mohau wa hae
ke wa kamehla yohle,
botshepehi ba hae
ke bo isang melokong yohle.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.