BAAHLODI 17 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Mmika o rapela medimo ya bohata

1Ho ne ho ena le monna ya neng a phela naheng e maralla ya Efraime, lebitso la hae e le Mmika.

2A re ho mmae: “Ha o ne o utsweditswe tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro o ne o nee ya utswitseng tjhelete eo thohako, moo ke ntseng ke utlwa. Bona he, silefera eo ke ena ho nna; ke nna ya neng a e nke.”

Mmae a re: “Morena a ke a o hlohonolofatse, ngwanaka.”

3Mmika a kgutlisetsa ho mmae tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro. Mmae a re: “Silefera ena e tswang letsohong la ka ke e abela Morena, ka baka la mora wa ka, hore ho etswe setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng. Ka baka leo, ke e kgutlisetsa ho wena.”

4Ha Mmika a kgutliseditse tjhelete eo ho mmae, mmae a ntsha tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse pedi le halofo, a e nea lelala, mme lona la etsa setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng, mme tsena tsa iswa ka tlung ya Mmika.

5Monna enwa, Mmika, o ne a ena le ntlo eo a e hahetseng medimo. A etsa setipe, le modingwana wa lelapa, mme a hlomamisa e mong wa bara ba hae hore e be moprista.

6Mehleng eo Baiseraele ba ne ba se na kgosi; motho ka mong o ne a iketsetsa seo yena a reng se nepahetse.

7Ho ne ho ena le mohlankana wa Molevi, wa lelapa la Juda, ya tswang Betlelehema e Juda, mme a jakile moo.

8Monna eo a tloha motseng oo wa Betlelehema e Juda, ho ya jaka moo a ka fumanang tjako teng. Ha a ntse a tsamaya jwalo, a fihla naheng e maralla ya Efraime, tlung ya Mmika.

9Mmika a re ho yena: “O tswa kae?”

Monna eo a re ho yena: “Ke Molevi wa Betlelehema e Juda, mme ke ilo jaka moo nka fumanang tjako teng.”

10Mmika a re ho yena: “Dula mona ha ka, mme o be ntate le moprista wa ka. Ka selemo ke tla o lefa tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome, ke o fe le diaparo, le dijo.” Yaba Molevi o a kena.

11Molevi a kgotsofalla ho dula ha Mmika, mme mohlankana enwa a ba jwaloka e mong wa bara ba Mmika.

12Mmika a hlomamisa Molevi; mohlankana enwa ya eba moprista wa hae, mme a phela tlung ya Mmika.

13Yaba Mmika o re: “Jwale ke a tseba hore Morena o tla nkatlehisa, hobane ke na le moprista wa Molevi.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help