ESEKIELE 17 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Papiso ya dintsu le morara

1Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

2“Wena ngwana motho, etsa selotho, mme o phetele ba ntlo ya Iseraele papiso.

3O re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena:

“ ‘Ntsu e kgolo, e mapheo a maholo,

a malelele, a thathaletseng,

a masiba a mangata, a mebalabala,

ya fihla naheng ya Lebanone,

ya dula kaleng la kedare,

kaleng le hodimodimo.

4Ya qotha lehlahla le le hodimodimo,

ya ya le lona naheng ya bahwebi,

ya le hloma

kahara motse wa bahwebi.

5“ ‘Ntsu ya nka le peo ya naha eo,

ya ya e jala mobung wa selokwe,

ya e uta pela metsi a nwesetsang,

ya e hloma sa lekala la moduwane.

6Peo ya mela, ya eba fate sa morara,

morara wa kakatjhelana,

o thathaletseng;

makala a wona

a melela hodimo, ho ntsu,

metso ya wona ya melela tlase,

ya eba morara, makala a mela,

a thathalla, a medisa le mahaba.

7“ ‘Ho no ena le ntsu

e nngwe hape e kgolo,

e mapheo a maholo,

a masiba a mangata;

morara wa lebisa

metso ya wona ho ntsu eo,

le makala a wona a lebiswa ho yona,

hore e o nwesetse

ka metsi a mangata

ho feta kamoo o nwesetswang kateng.

8Morara o no so hlonngwe

mobung wa selokwe,

o hlonngwe pela metsi,

metsi a nwesetsang,

hore o tlo medise makala a wona,

o a medise, a behe le ditholwana,

e be morara wa bohlokwa,

o motlemotle.’

9“Ere ho bona Morena Modimo o bua tjena:

“ ‘Morara o jwalo na o ka atleha?

Ha o tlo fotholwa ka metso,

tholwana tsa wona

di hlohlorwe, di omelle?

Mahaba a wona wohle a tla omella!

Ho o fothola ka metso

ho tla ba bobebe,

ha ho hloke matla

kapa letshwele la batho.

10Ha o hlongwa sethopo

na o tla atleha?

Ha o tlo omella, e be lehohorwana,

ha moya wa botjhabela

o fokela ho wona?

O tla omellela moo

o lemilweng teng.’ ”

Papiso e a hlaloswa

11Lentswe la Morena la fihla ho nna hape, la re:

12“Botsa setjhaba sena sa bafetohedi, o re: ‘Na ha le tsebe se bolelwang ke ntho tsee? Bonang mona, kgosi ya Babilona e ile ya fihla Jerusalema, ya thopa kgosi ya Jerusalema le mahosana a yona, bohle ya ba isa Babilona.

13E nkile kgosana e nngwe ya madi, ya etsa selekane le yona, ya ba ya e hlapantsha. E nkile le bahlabani ba naha eo,

14hore mmuso oo o tlo fokole, o sitwe ho e tsohela matla, o tsitse ka ho boloka selekane se ntse se le jwalo.

15Empa kgosana e ile ya fetohela kgosi ya Babilona, ya romela maqosa a yona Egepeta, ya kopa hore e thuswe ka dipere le ka bahlabani ba bangata. Na kgosana eo e tla atleha? Na ya etsang tse tjee a ka phonyoha? Na a ka senya selekane yaba o a lopoloha?

16“ ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo; ruri o tla shwela Babilona, e leng moo kgosi e ileng ya mmea hore e be kgosi e phelang teng, yona kgosi eo a nyedisitseng kano eo a ileng a e etsa le yona, a senya le selekane sa kgosi eo.

17Esita le Faro, ka lebotho la hae le matla, le ka setjhaba sa hae se sengata, ha a ka ke a mo thusa ka letho ntweng, ha setjhaba sa Babilona se haha marako a thibella le diqhobosheane hore se tle se bolaye batho ba bangata.

18O nyedisitse kano ka ho senya selekane seo a neng a se hlapanyeditse, a etsa dintho tsena tsohle; kahoo a ke ke a phonyoha.

19“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Ke a hlapanya, ruri ke tla mo otlela kano ya ka eo a e nyedisitseng, le selekane sa ka seo a se sentseng.

20Ke tla mo tjhehela leraba le tla mo tshwasa, ke mo ise Babilona, mme hona moo ke mo ahlolele ho se tshepahale ha hae ka ho mphetohela.

21Baphaphathehi ba hae bohle le mabotho a hae wohle, batho bana kaofela ba tla bolawa ka sabole, masalla a bona a qhalanyetswe hohle lefatsheng, mme le tla tseba hore ke nna Morena ya buileng jwalo.’ ”

Modimo o etsa tshepiso

22“ ‘Morena Modimo o bua tjena:

“ ‘Le nna ke tla kgaola

kala le hodimodimo,

le hodimodimo la fate sa kedare,

ke le hlome,

ke qothe lehlahla

kaleng le hodimodimo,

ke le hlome hodima thaba e telele.

23Ke tla le hloma thabeng,

thabeng e phahameng ya Iseraele;

le tla mela makala,

le behe ditholwana,

le hole, e be sefate

se kgahlehang sa kedare.

Nonyana tsohle

di tla hahela makaleng a sona,

di dule moriting wa makala a sona.

24Fate tsohle tsa naha di tla tseba,

di tsebe hore ke nna Morena.

Fate tse telele ke a di diha,

tsa dikakatjhelana tsona

ke di hodise;

tse talana ke di omeletse,

tse omeletseng ebe di a tlokoma.

“ ‘Nna Morena, ke buile,

mme ke tla etsa jwalo.’ ”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help