DIPESALEMA 9 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Ho leboha Modimo ka baka la toka ya hae

1Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka lentswe le lesesanyane.

2Morena, ke o boka

ka pelo ya ka yohle,

ke bolela dimakatso tsohle tsa hao.

3Ke a o thabela,

ke nyakallela ho wena;

ke roka lebitso la hao,

wena Ya Hodimodimo.

4Dira tsa ka di tjhetjhile ka santhao,

di kgopilwe, tsa timela ha o hlaha,

5hobane o emetse nyewe ya ka

le ditokelo tsa ka,

o dutse teroneng ya hao

o le moahlodi ya lokileng.

6O kgalemetse ditjhaba,

wa timetsa ba kgopo,

mabitso a bona wa a hlakolela ruri.

7Dira di ripitletswe ruri;

metse ya tsona o e fetotse masupi,

ha e sa tla hlola e hopolwa.

8Empa Morena o busa kamehla,

terone ya hae o e theetse ho ahlola.

9O ahlola lefatshe ka toka,

ditjhaba o di ahlola a se na leeme.

10Morena e ke e be qhobosheane

ya ba hatellwang,

qhobosheane

nakong ya matshwenyeho.

11Ba tsebang lebitso la hao

ba ke ba o tshepe,

ba o tshepe hobane wena Morena,

o ke ke wa furalla ba o batlang.

12Rokang Morena ya busang Sione,

phatlalatsang diketso tsa hae,

le di phatlalatse hara ditjhaba,

13hobane ya phetetsang madi

o hopola bahlophehi,

ha a lebale sello sa bona.

14Nkgauhele Morena,

tadima kamoo

ke hlophehileng kateng,

ke hlophehile

ka baka la ba ntlhoileng,

wena ya nnyolotseng kgorong

ya motse wa bafu,

15e le hore

ke tle ke bolele dithoko tsa hao,

ke di bolele

kgorong ya motse wa Sione,

mme ke nyakalle

hobane o mpholositse.

16Ditjhaba di wetse lemeneng

leo di le tjhekileng,

maoto a tsona a tshwasitswe

ke leraba leo di le tjhehileng.

17Morena o itsebahaditse,

o phethahaditse kahlolo,

ba kgopo ba kgatilwe ke mesebetsi,

mesebetsi ya diatla tsa bona.

18Ba kgopo ba ikela Nqalong ya Bafu:

tjhaba tsohle

tse sa reng letho ka Modimo.

19Mafutsana a ke ke a leballwa ruri,

tshepo ya bahlophehi

e ke ke ya fetoha lefeela.

20Thusa, Morena!

Motho a se ke a kgantsha matla,

ditjhaba di ahlolwe kapela hao.

21Di kenye letswalo, Morena;

ditjhaba di ke di tsebe

hore e ntse e le batho feela.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help