1 DIKETSAHALO 20 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Davida o hapa motse wa Raba(2 Sam. 12:26-31)

1Ha selemo se thwasa, e leng nako eo dikgosi di tlwaetseng ho futuha ka yona, Joabe a tswa le mabotho, me a ripitla naha ya Baamone. Kamorao ho moo a ya etsetsa motse wa Raba thibella. Ha e le Davida yena o ne a setse Jerusalema. Joabe a hlola motse wa Raba, mme a o timetsa.

2Davida a rodisa kgosi ya bona mofapahlooho wa yona wa kgauta, oo boima ba wona e neng e le dikilo tse mashome a mararo a metso e mene. O ne o kgabisitswe ka mahakwe a bohlokwa, mme ba o rwesa Davida. A tswa motseng oo a haharile kgapo e ngata,

3a bile a hapile le baahi ba motse oo; a ba sebedisa ka disakga, le ka dipeke, le ka dilepe. Metse yohle ya Baamone o ne a ye a e etse jwalo. Yaba Davida o kgutlela Jerusalema le bahlabani bohle.

Dintwa tsa Baiseraele le diqhobane tsa Bafilesita(2 Sam. 21:15-22)

4Kamorao ho mona, ntwa ya qhoma Gesere, pakeng tsa Baiseraele le Bafilesita. Sibekai wa Mohusha a bolaya Sipai, eo e neng e le seqhobane, mme Bafilesita ba hlolwa.

5Ntwa ya boela ya qhoma pakeng tsa Baiseraele le Bafilesita. Elehanana, mora wa Jaire, a bolaya Lahemi, ngwanabo Goliate wa Mogate, eo theko ya lerumo la hae e neng e le kaalo ka mofeng wa motjhine o ohlang.

6Ntwa e nngwe ya boela ya qhoma Gate, moo ho neng ho ena le safola ya monna. Le leng le le leng la matsoho a hae le maoto a hae le ne le ena le menwana e tsheletseng, kaofela e le menwana e mashome a mabedi a metso e mene. Le yena e ne e le seqhobane.

7Jonathane, mora wa Shima, ngwanabo Davida, a mmolaya, hobane o ne a ile a nyedisa Baiseraele.

8Batho bana ba ne ba tswetswe ke diqhobane tsa Gate; feela ba ile ba bolawa ke Davida le bahlanka ba hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help