ESAYA 64 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

1Oho, hoja wa phetla mahodimo

wa theoha,

thaba di tle di reketle

ha di o bona!

2Jwalokaha mollo o hotetsa patsi,

metsi a bele,

le wena theoha,

dira tsa hao di tsebe bitso la hao,

o etse hore tjhaba di thothomele

ha di o bona!

3Ha o ne o etsa tse tshosang,

tseo re neng re sa di lebella,

o ile wa theoha,

thaba tsa reketla ha di o bona.

4Ho tloha mehleng ya kgalekgale

ha ho ya kila utlwa,

ha ho ya kila bona

Modimo e mong ntle ho wena,

Modimo ya thusang

ba mo tshepileng.

5O thusa ba etsang ho loka,

ba ho etsang ba thabile,

bona ba hopolang ditsela tsa hao.

Leha o no halefile

re nnile ra etsa dibe;

ebe jwale re ka pholoswa jwang?

6Bohle re tshwana le motho,

le motho ya sesila,

ketso tsohle tsa rona tse lokileng

di ka dikatana tse ditshila;

bohle re omella sa lehlaku le omella,

dibe tsa rona

di re fefola sa moya ha o fefola.

7Ha ho na motho

ya ipiletsang ho wena,

kapa ya lekang hore a o kgomarele;

hobane o re patetse fahleho sa hao,

wa etsa hore re motele

ka baka la dibe tsa rona.

8Leha ho le jwalo, Morena,

wena o ntata rona;

rona re letsopa, wena o sebopi,

bohle re mosebetsi

wa matsoho a hao.

9Oho, Morena, se ke wa halefa,

wa halefa ho feta tekanyo;

se hopole dibe tsa rona,

wa di hopola kamehla yohle.

Ako hopole hore re tjhaba sa hao.

10Metse e halalelang ha hao

e fetohile lehwatata,

Sione ke lehwatata,

Jerusalema ke nanaola.

11Tempele e halalelang,

e tlotlehang ya rona,

moo o neng o rorisetswa teng,

o roriswa ke baholoholo ba rona,

e tjhesitswe ka mollo, ya re lore!

Tsohle tsa bohlokwa

di fetohile masupi.

12Na tse etsahetseng tsee

ha di o ame?

Na ha o na ho etsa letho, Morena?

Na o tla fela o kgutse,

o re otle ho feta tekanyo?

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help