DIPESALEMA 3 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Thapelo ya hoseng

1Pesalema ya Davida ha a baleha mora hae Abosalome.

2Morena, dira tsa ka

di ngata hakaakang!

Ba bangata ba ntsohelang matla,

3ba bangata ba buang ka nna, ba re:

“Modimo ha a na ho mo pholosa.”

4Empa wena Morena,

o thebe e ntshireletsang,

o mpha seriti, o ntsosa molota.

5Ha ke ipiletsa ho Morena,

o nkaraba a le thabeng ya hae

e halalelang.

6Ke ye ke ithoballe, ke kgalehe,

ke be ke itsohele,

hobane Morena o na le nna.

7Ha ke tshabe diketekete tsa batho

tse ntikileng kamahohle.

8Thusa, Morena!

O mpholose, Modimo wa ka,

wena ya jabelang

dira tsa ka tsohle marameng,

ya pshatlang mehlaare ya ba kgopo.

9Pholoho e tswa ho Morena.

Tlhohonolofatso ya hao

e ke e be hodima setjhaba sa hao.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help