DIPESALEMA 44 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Kodi-ya-malla ya tjhaba se hlotsweng

1Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2Modimo, re utlwile ka tsebe tsa rona,

bo-ntata rona ba re phetetse tsohle

tseo o di entseng mehleng ya bona,

wa di etsa ka tsoho la hao,

wa di etsa mehleng eo ya kgale.

3O ile wa leleka ditjhaba,

hore o tle o ba bee naheng ya tsona;

wa etsa merabe hampe,

hore ba tle ba namele hohle.

4Hase ka sabole ba hapileng naha eo,

leha e le ho hlola

ka matsoho a bona;

empa e bile

ka tsoho la hao le letona,

le ka sefea sa hao,

le ka ho ba phuthollela

fahleho sa hao,

hobane o ne o ba rata.

5Ke wena kgosi ya ka

le Modimo wa ka,

ya sitsang Jakobo ka tlholo.

6Ke ka wena re dihang

ba re lwantshang;

ka lebitso la hao re a hatakela

re hatakela ba re tsohelang matla.

7Ha ke a tshepa seqha sa ka,

le ho hlola ka sabole ya ka.

8Empa ke wena ya re pholosang,

ya re pholosang

ho ba re lwantshang;

ba re hloileng

ba hlabisa dihlong.

9Re rorisa Modimo kamehla,

ha re kgaotse ho boka lebitso la hao.

10Empa jwale o re lahlile,

wa etsa hore re tlontlolohe;

ha o sa tswa le mabotho a rona.

11O entse hore ba re lwantshang

ba re tjhetjhise;

ba re hloileng

ba ikgapetse tsa rona,

ba ikgapela tsona ka ho rata.

12O re tloheletse

ho ba dinku tse hlajwang,

wa re qhalanya hara ditjhaba.

13O rekisitse setjhaba sa hao

o sa fumane letho,

ha o a rua letho ka theko ya sona.

14O re fetotse sekgobo

ho baahisane ba rona;

sesomo le setsheho

ho ba re potapotileng.

15O re entse pale hara ditjhaba,

merabe e re sisinyetsa dihlooho.

16Ke hopola

ho tlontloloha ha ka kamehla,

sefahleho sa ka

se aparetswe ke dihlong,

17ka baka la mantswe a ya hlapaolang,

mantswe a ya nyefolang,

ka baka la sera le moiphetetsi.

18Tsena tsohle di re wetse hodimo

tsa re wela re sa ka ra o lebala,

re sa ka ra roba selekane sa hao.

19Pelong tsa rona ha re a o kwenehela,

maoto a rona

ha a a fapoha tsela ya hao;

20empa wena o re robokeletse,

wa re robokella

moo ho phelang diphokojwe,

wa re kwahela ka lefifi,

fifi le letsholetsho.

21Hoja re ne re lebetse lebitso,

lebitso la Modimo wa rona,

re phahamisitse matsoho a rona,

re a phahamiseditse modimo osele,

22na Modimo a ka be a sa sibolla hoo,

yena ya tsebang diphiri

tse ka dipelong?

23Ke ka baka la hao

re bolawang kamehla,

re nkwang re le dinku tse hlajwang.

24Tsoha, Morena, o robaletseng?

Tsoha, o se ke wa re lahlela ruri!

25O patetseng sefahleho sa hao?

O lebaletseng

ho hlopheha ha rona

le ho hatellwa ha rona?

26Meya ya rona e kudupana leroleng,

re hahaba fatshe ka dimpa.

27Tsoha, o re thusetse!

Re lopolle ka baka la mohau wa hao.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help