DIPESALEMA 147 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Modimo o baballa setjhaba sa hae

1Haleluja!

Ke hantle

ho boka Morena,

ho monate

ho roka Modimo wa rona,

o lokelwa ke thoriso.

2Morena o tsosa

marako a Jerusalema,

o phutha Baiseraele

ba neng ba lelekilwe.

3O fodisa ba pelo di hlabehileng,

o tlamella maqeba a bona.

4O tseba palo ya dinaledi,

kaofela ha tsona

o di bitsa ka mabitso.

5Morena wa rona o moholo,

o matla haholo,

kelello ya hae e ke ke ya lekanngwa.

6Morena o phahamisa ba eisehang,

ba kgopo o ba dihela fatshe.

7Binelang Morena sefela sa teboho,

le roke Modimo wa rona ka harepa.

8Ke yena ya kwahelang mahodimo,

ya a kwahelang ka maru,

ya nesetsang lefatshe pula,

ya medisang jwang dithabeng.

9O fepa diphoofolo ka dijo tsa tsona,

le madinyane a makgwaba

ka tseo a di llelang.

10Morena ha a thabele matla a dipere,

ha a kgahlwe ke lebelo la motho;

11o kgahlwa ke ba mo tshabang,

le ba tshepileng mohau wa hae.

12Tlotlisa Morena, wena Jerusalema,

wena Sione, rorisa Modimo wa hao.

13O tiisitse mekwallo,

mekwallo ya dikgoro tsa hao,

a hlohonolofatsa bana ba hao

ba phelang ho wena.

14O entse hore kgotso e be teng

meeding ya hao,

a o kgorisa ka koro e atlehileng.

15Ke yena ya ntshang taelo ya hae

e yang lefatsheng,

molaetsa wa hae o a potlaka.

16O kgethehisa lehlwa le kang boya,

o etsa hore serame se lale,

se ke molora.

17O hasanya sefako sa hae

se kang makumane;

ke mang ya ka phelang

hara mohatsela wa hae?

18Hang ha a ntsha taelo,

di se di qhibidiha.

O fokisa moya,

metsi a boele a phalle.

19O tsebisa ba leloko la Jakobo,

o ba tsebisa lentswe la hae,

le thato le kahlolo tsa hae ho Iseraele.

20Ha ho setjhaba

seo a kileng a se etsetsa jwalo,

ha ho setjhaba

seo a kileng a se tsebisa

kahlolo tsa hae.

Haleluja!

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help